Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA BAFU BA TLA TSOHA

Ke’ng e ka U Kholisang Hore Bafu ba Tla Tsoha?

Ke’ng e ka U Kholisang Hore Bafu ba Tla Tsoha?

Na ke booatla ho nahana hore bafu ba tla tsoha? Moapostola Pauluse ha aa ka a nahana joalo. O ile a bululeloa hore a re: “Haeba re tšepile Kreste bophelong bona feela, re ba haulang ka ho fetisisa ho batho bohle. Leha ho le joalo, joale Kreste o tsositsoe bafung, litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” (1 Bakorinthe 15:19, 20) Pauluse o ne a kholisehile hore bafu ba tla tsoha. Ha e le hantle, o ne a kholisitsoe ke hore ebe Jesu o ile a tsoha bafung. * (Liketso 17:31) Ke kahoo Pauluse a ileng a re Jesu ke “litholoana tsa pele”—kaha ke eena oa pele ea ileng a tsosetsoa bophelong bo sa feleng. Kahoo haeba Jesu ke oa pele, hoa utloahala ho lumela hore ho na le ba tla latela.

Jobo o ile a re ho Molimo: “U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.”—Jobo 14:14, 15

A re ke re hlahlobeng lebaka le leng le ka re kholisang hore tsoho e tla ba teng. Jehova ke Molimo oa ’nete. “Molimo, ea ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) Ha ho mohla Jehova a kileng a bua leshano, ebile ha ho mohla a tla ke a le bue. Na a ka re tšepisa hore o tla tsosa bafu a be a re bontše hore a ka khona ho ba tsosa, ebe ha a phethahatse tšepiso eo ea hae? Seo se ke ke sa etsahala!

Ke hobane’ng ha Jehova a rerile ho tsosa bafu? Hobane oa ba rata. Jobo o ile a botsa a re: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape? U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.” (Jobo 14:14, 15) Jobo o ne a kholisehile hore Ntate oa hae ea lerato o tla hloloheloa ho mo tsosa. Na Molimo o se a fetohile? Bibele e re araba ka ho re: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” (Malakia 3:6) Molimo o ntse a labalabela ho bona bafu ba tsoha ba phetse hantle ’meleng ba bile ba thabile. Bona ke boikutlo bo tšoanang hantle le boo motsoali e mong le e mong ea lerato a ka bang le bona ka mor’a ho hlokahalloa ke ngoan’a hae. Phapang feela ke hore Molimo eena o na le matla a ho phethahatsa seo a se labalabelang.—Pesaleme ea 135:6.

Lefu ke bothata bo boholo, empa Molimo o tla le felisa

Jehova o tla fa Mor’a hae matla a hore a tsose bafu ’me a tlisetse baratuoa ba bona ba ’nileng ba sareloa thabo e khaphatsehang. Jesu eena o ikutloa joang ka tsoho? Pele Jesu a tsosa Lazaro, o ile a hauloa ke ho siama ha likhaitseli tsa hae le metsoalle, eaba le eena o “ntša meokho.” (Johanne 11:35) Ka nako e ’ngoe Jesu o ile a kopana le mohlolohali oa Naine, ea neng a hlokahaletsoe ke mor’a hae ea mong. Jesu o ile “a mo hauhela, eaba o re ho eena: ‘Khaotsa ho lla.’” Eaba o tsosa mora oa hae hona hoo. (Luka 7:13) Kahoo Jesu o utloisoa bohloko ke mesarelo le lefu. O tla thaba haholo ha a bona batho bohle lefatšeng ba thabile ha ba kopana le baratuoa ba bona ba tsositsoeng!

Na u kile ua hlokahalloa ke motho eo u mo ratang? U ka ’na ua nka hore lefu ke bothata bo se nang tharollo. Empa ho na le tharollo eo Molimo a e lokiselitseng a sebelisa Mor’a hae, e leng tsoho ea bafu. Lula u hopola hore Molimo o batla hore u tle u bone tharollo eo. O batla hore u be teng e le hore u thabele ho bona baratuoa ba hao hape. Ak’u nahane le se le lula hammoho, le sa tšohe hore le tla boela le arohane!

Lionel eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Qetellong ke ile ka ithuta ka tsoho ea bafu. Qalong ke ne ke sa e lumele ’me ke sa tšepe motho ea mpoleletseng ka eona. Empa ke ile ka ichebela eona ka Bibeleng eaba kea e fumana! Ke lebeletse ka tjantjello hore ke boele ke bone ntate-moholo oa ka.”

Na u ka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng? Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u bontša ka Bibeleng ea hao hore na ke hobane’ng ha li kholisehile hore tsoho ea bafu e tla feela e be teng. *

^ ser. 3 E le hore u fumane bopaki ba hore Jesu o tsohile bafung, sheba buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? leqepheng la 78-86, e hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 9 Ka kōpo sheba khaolo ea 7 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.