Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA | DEBORA

“Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele”

“Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele”

DEBORA o ne a shebile masole a bokaneng ka holim’a Thaba ea Tabore. O ne a bonahala a hloletsoe. Ha bosiu bo e-sa, o ile a thuisa kamoo molaoli oa ’ona Barake a leng sebete a bileng a nang le tumelo kateng. Le hoja masole ao a ne a le 10 000, a ne a tla tobana le teko e matla ea tumelo le e hlokang hore a be sebete. Leha a ne a fokola ka palo a bile a se na lihlomo tse lekaneng, a ne a tlil’o loana le sera se matla. Leha ho le joalo, a ne a tlile ntoeng ena hobane a khothalitsoe ke Debora.

Nahana u bona liaparo tsa Debora li phuphusela ha a ntse a eme le Barake ’me ba shebile hōle mane. Thaba ea Tabore e ne e e-na le sehlaba tlhōrōng. E bophahamo ba limithara tse ka bang 400, ’me ha motho a eme tlhōrōng ea eona o bona Lehoatata la Esdraelone le sabaletseng ho ea fihla ka boroa-bophirimela. Nōka ea Kishone e ne e tsoelipana lehoatateng leo ’me e kolumela Leoatleng le Leholo haufi le Thaba ea Karmele. E ka ’na eaba lebōpo la nōka le ne le omme hoseng hoo, empa ho ne ho e-na le ho hong ho phatsimang lehoatateng leo le sabaletseng. Mabotho a Sisera a ne a atamela, ’me mahare a mabiling a likoloi tsa ’ona tsa ntoa a phatsima. A ne a sasanka ka likoloi tsa ntoa tse ka bang 900, tse nang le mahare mabiling. Sisera o ne a ikemiselitse ho timetsa mabotho a Baiseraele ka ho panya ha leihlo!

Debora o ne a tseba hore Barake le lebotho la hae ba emetse taelo e tsoang ho eena. Na e ne e le eena feela mosali moo? Ebe o ne a ikutloa joang ha a jere boikarabelo bo boima hakaalo? Na o ne a ipotsa hore na ehlile o etsa tsona? Le hanyenyane! Jehova, Molimo oa hae o ne a mo boleletse hore a qale ntoa eo; o ne a boetse a boletse hore o tla sebelisa mosali ho e emisa. (Baahloli 4:9) Re ka bontša tumelo e tšoanang le ea Debora le bahlabani baa ba sebete joang?

“E-EA ’ME U IKABE THABENG EA TABORE”

Ha Bibele e qala ho bua ka Debora e re ke “moprofeta oa mosali.” Tlhaloso eo e bontša hore Debora o phetha karolo e sa tloaelehang empa hase motho ea khethehileng. * Debora o ne a e-na le boikarabelo bo bong. Ho hlakile hore e ne e boetse e le moahloli kaha o ne a tlalehela batho ba tsekisanang karabo ea Jehova.—Baahloli 4:4, 5.

Debora o ne a lula sebakeng se lithaba sa Efraime se lipakeng tsa Bethele le Rama. Ha a le moo o ne a lula tlas’a sefate sa palema ebe o ahlola sechaba ho ea kamoo Jehova a laetseng kateng. Ka sebele mosebetsi oa hae o ne o le thata, empa Debora o ne a sa o lumelle hore o mo nyahamise. Batho ba bangata ba ne ba hloka thuso ea hae. Hamorao o ile a bululeloa hore a qape pina mabapi le sechaba sa habo se sa tšepahaleng, e neng e e-na le mantsoe a reng: “Ba qala ho khetha melimo e mecha. Ke nakong eo ho neng ho e-na le ntoa hekeng.” (Baahloli 5:8) Kaha Baiseraele ba ile ba furalla Jehova ’me ba sebeletsa melimo e meng, Jehova o ile a ba lahlela matsohong a lira tsa bona. Morena oa Mokanana ea bitsoang Jabine o ile a ba hatella a sebelisa molaoli oa mabotho e leng Sisera.

Ha Baiseraele ba utloa lebitso Sisera, ba ne ba tšoha ba bile ba ferekana. Bolumeling ba Bakanana ho ne ho e-na le litloaelo tse mpe tse akarelletsang ho etsa mahlabelo ka bana le botekatse. Ho ne ho le joang ha molaoli oa mabotho a Bakanana le lebotho la hae ba laola naha? Pina ea Debora e bontša hore ho ne ho le thata hore batho ba tsamaee naheng eo ’me ho se ho se batho ba lulang metseng. (Baahloli 5: 6, 7) Mohlomong baahi ba ne ba ipata ka merung le lithabeng, ba tšaba ho sebetsa masimong kapa ho lula metseng e se nang marako, ba tšaba ho tsamaea litseleng hobane ba tšaba hore masole a Sisera a tla ba hlasela, a koetele bana ba bona ebe a beta basali ba bona. *

Ho ile ha rena tšabo ka lilemo tse 20 ho fihlela Jehova a bona hore batho ba hae ba manganga ba ikemiselitse ho fetoha kapa ho latela mantsoe a bululetsoeng a pina ea Debora le Barake a reng: “Ho fihlela ’na, Debora, ke ema, ho fihlela ke ema joaloka ’mè Iseraele.” Bibele ha e re bolelle hore na Debora, e leng mosali oa Lapidothe o ne a e-na le bana kapa che, empa temaneng ena lentsoe ’mè le sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso. Ha e le hantle, Jehova o ile a fa Debora boikarabelo ba ho sireletsa sechaba joaloka ’mè. O ile a mo kōpa hore a laele Moahloli Barake ea matla le ea nang le tumelo ho loantša Sisera.—Baahloli 4:3, 6, 7; 5:7.

Debora o ile a khothalletsa Barake hore e be molopolli oa batho ba Molimo

Jehova o ile a sebelisa Debora hore a fane ka taelo e reng: “E-ea ’me u ikabe Thabeng ea Tabore.” Barake o ne a lokela ho bokella banna ba 10 000 melokong e ’meli ea Iseraele. Debora o ile a bolela tšepiso ea Molimo ea hore ba tla hlōla Sisera ea matla le mabotho a hae a likoloing tsa ntoa tse 900! Ka sebele tšepiso ena e ile ea makatsa Barake. Baiseraele ba ne ba se na sesole ba bile ba e-na le libetsa tse seng kae. Leha ho le joalo, Barake o ile a lumela ho ea ntoeng hafeela Debora a ne a ka tsamaea le eena ho ea Thabeng ea Tabore.—Baahloli 4:6-8; 5:6-8.

Batho ba bang ba ka ’na ba re Barake ha a na tumelo kaha o ile a re a ka ea ntoeng hafeela Debora a ka tsamaea le eena, empa seo hase ’nete. Etsoe ha aa ka a kōpa Molimo hore a mo fe libetsa tse eketsehileng. Ho e-na le hoo, kaha Barake o ne a e-na le tumelo, o ile a elelloa hore ho ba le moemeli oa Jehova ho ka ba matlafatsa. (Baheberu 11:32, 33) Jehova o ile a lumellana le seo. O ile a lumella Debora ho ea feela joalokaha Barake a ne a kōpile. Ho ekelletsa moo, Jehova o ile a bululela Debora hore a profete hore tlhōlo e tla tla ka lebaka la mosali eseng monna. (Baahloli 4:9) Molimo o ile a re Sisera ea khopo o tla bolaoa ke mosali!

Lefatšeng la kajeno basali ba tšoaroa ka ho hloka toka, baa loantšoa ebile baa hlekefetsoa. Ke ka seoelo basali ba hlomphuoang ka tsela eo Molimo a laetseng ka eona. Leha ho le joalo, Molimo o talima banna le basali ka tsela e tšoanang. (Baroma 2:11; Bagalata 3:28) Mohlala oa Debora o re hopotsa hore Molimo a ka fa basali maemo a itseng a boikarabelo, e leng se bontšang hore oa ba tšepa ebile oa ba rata. Ke habohlokoa hore re qobe ho tšoara basali ka tsela e se nang tlhompho joalokaha batho ba bangata ba etsa.

“LEFATŠE LE ILE LA REKETLA, MAHOLIMO LE ’ONA A ROTHA”

Barake o ile a bokella lebotho la hae la banna ba 10 000 ba neng ba e-na le sebete sa ho loantša mabotho a Sisera a tšosang. Ha Barake a eteletse lebotho la hae pele ho ea Thabeng ea Tabore, o ile a matlafatsoa ke ho tseba hore ho na le ho hong ho tla le khothatsa. Bibele e re: “Debora a nyoloha hammoho le eena.” (Baahloli 4:10) U se u ka inahanela hore na masole ao a ile a khothala hakaakang ha a bona mosali eo ea sebete a tsamaea le ’ona ho ea Thabeng ea Tabore, a ikemiselitse ho beha bophelo ba hae kotsing ka lebaka la tumelo ea hae ho Jehova Molimo!

Ha Sisera a utloa hore Baiseraele ba bokeletse lebotho ho tla mo loantša, o ile a nka bohato ka potlako. Marena a ’maloa a Bakanana a ile a ikopanya le Morena Jabine, eo mohlomong e neng e le eena ea matla ka ho fetisisa selekaneng seo. Ka mor’a moo, lerata la likoloi tse ngata tsa ntoa tsa Sisera le ile la sisinya lefatše. Bakanana ba ne ba kholisehile hore ba tla matha bolacha feela lebothong le fokolang la Baiseraele.—Baahloli 4:12, 13; 5:19.

Barake le Debora ba ile ba etsa’ng ha sera se ntse se atamela? Haeba ba ne ba lula matsoapong a Thaba ea Tabore, ba ne ba ka khona ho hlōla mabotho a Bakanana, kaha likoloi tsa ’ona tsa ntoa li ne li ka hlasela hantle ha li le sebakeng se tsitsitseng. Empa Barake o ile a letela ho utloa hore na Debora o re’ng kaha o ne a ikemiselitse ho latela taelo ea Jehova ntoeng eo. Nako ea ho loana e ile ea qetella e fihlile, ’me Debora a re: “Ema, etsoe lena ke letsatsi leo ka sebele Jehova a tla nehelana ka Sisera letsohong la hao. Na hase Jehova ea tsoileng ka pel’a hao?” Kahoo, “Barake a theoha Thabeng ea Tabore le banna ba likete tse leshome ka mor’a hae.”—Baahloli 4:14. *

Mabotho a Iseraele a ile a hlasela a hlaha ka holim’a thaba a lebile likoloing tsa ntoa tse tšosang. Na Jehova o ile a a etella pele joalokaha Debora a tšepisitse? Bibele e re: “Lefatše le ile la reketla, maholimo le ’ona a rotha.” Mabotho a Sisera a ikhohomosang a ile a ferekana. Eaba pula e na ka matla hoo ho ileng ha e-ba seretse hohle. Kahoo, likoloi tsa ntoa ha lia ka tsa a thusa ka letho. Li ile tsa tetebela seretseng ’me tsa sitoa ho tsamaea.—Baahloli 4:14, 15; 5:4.

Barake le lebotho la hae ha baa ka ba tšoenngoa ke sefefo seo. Ba ne ba tseba hore na se tsoa hokae. Ba ile ba toba mabothong a Bakanana. Baiseraele ba ile ba sebelisoa ho liha kahlolo ea Molimo, ’me mabotho a Sisera a shoa kaofela. Nōka ea Kishone e ile ea ja litlhokoa ’me ea hohola litopo tsohle ho ea fihla Leoatleng le Leholo.—Baahloli 4:16; 5:21.

Joalokaha Debora a ne a boletse esale pele, Jehova o ile a loanela batho ba hae, ’me ba hlōla mabotho a Sisera

Kajeno Jehova ha a laele bahlanka ba hae hore ba ee ntoeng. Empa o ba laela hore ba loane ntoa ea moea. (Matheu 26:52; 2 Bakorinthe 10:4) Haeba re leka ho mamela Molimo, re nka karolo ntoeng eo. Re hloka sebete hobane batho ba ka lehlakoreng la Molimo ba ka ’na ba tobana le khanyetso e matla. Empa Jehova ha aa fetoha. Le kajeno o ntse a sireletsa bahlanka ba hae, bao joaloka Debora, Barake le masole a sebete a Iseraele ea boholo-holo, ba behang tumelo le tšepo ea bona ho Eena.

MOSALI EA ‘HLOHONOLOFALITSOENG KA HO FETISISA HAR’A BASALI’

Sera se sebe ka ho fetisisa sa Mokanana se ile sa phonyoha. Sisera, eo e neng e le mohatelli e moholo oa batho a Molimo o ile a baleha ntoeng ka maoto. O ile a siea lebotho la hae kherehloa, eaba o nyenyelepa har’a masole a Iseraele a se a batla moo a ka patang hlooho teng. O ile a matha sebaka se selelele lefeelleng a tšohile hore masole a Baiseraele a ka ’na a mo tšoara, ’me a potlakela litenteng tsa Hebere e leng Mokene ea ileng a tloha sechabeng sa habo ’me a leba ka boroa moo a ileng a etsa selekane le Morena Jabine.—Baahloli 4:11, 17.

Sisera o ile a fihla litenteng tsa Hebere a khathetse. Eaba o fumana Hebere a le sieo. Empa mosali oa hae, e leng Jaele o ne a le teng. Ho hlakile hore Sisera o ne a nahana hore Jaele o tla hlompha selekane sa monna oa hae le Morena Jabine. Mohlomong o ne a nahana hore Jaele o tla tšoana le monna oa hae ka maikutlo. Ho totobetse hore Sisera o ne a sa tsebe Jaele! Ntle ho pelaelo Jaele o ne a bone kamoo Bakanana ba leng khopo kateng. Kahoo o ne a ka etsa qeto ea hore na o thusa monna enoa ea khopo kapa o tšehetsa Jehova ka ho namolela batho ba Hae sereng. Ebe o ne a tla etsa qeto efe? Hona na mosali o ne a ka hlōla lesole leo le matla le leo e leng khale le li bona?

Jaele o ile a tlameha ho etsa qeto ka potlako. O ile a lumella Sisera ho kena ha hae. Sisera o ile a laela Jaele hore a se ke a bolella mang kapa mang hore o teng moo. Jaele o ile a mo koahela moo a paqameng teng, ’me a mo fa lebese ha a kōpa metsi. Ho e-s’o ee kae Sisera o ile a ea le sephume sa boroko! Eaba Jaele o nka thakhisa ea tente le hamore e leng tse ling tsa lisebelisoa tseo basali ba lulang litenteng ba neng ba atisa ho li sebelisa. Kaha Sisera o ne a robetse, ho neng ho hlokahala feela ke hore Jaele a be le sebete sa ho phethahatsa kahlolo ea Jehova. Ha a ne a ka qeaqea kapa a tsilatsila o ne a ka ba tsietsing. Na o ile a nahana kamoo Sisera a ’nileng a sotla batho ba Molimo kateng ka nako e telele? Kapa na o ile a nahana ka tlotla ea ho sebelisoa ke Jehova? Bibele ha e bolele. Seo re se tsebang ke hore o ile a bolaea Sisera ka ho panya ha leihlo!—Baahloli 4:18-21; 5:24-27.

Hamorao Barake o ile a fihla a ntse a batla phofu ea hae. Barake o ile a hopola boprofeta ba Debora ha Jaele a mo bontša setopo seo a se hlabileng ka thakhisa ea tente mohlahareng. Mohlabani eo ea matla o ne a bolailoe ke mosali! Batho ba ratang ho tšoaea liphoso ba ’nile ba rohaka Jaele, empa Barake le Debora ba ne ba tseba hore seo a se entseng se phethahatsa boprofeta ba Molimo. Pineng ea bona, ba ile ba bululeloa hore ba rorise Jaele ka ketso ea hae e bontšang sebete, ba re ke mosali ea ‘hlohonolofalitsoeng ka ho fetisisa har’a basali.’ (Baahloli 4:22; 5:24) Ruri Debora o ne a se mōna. Ha aa ka a honohela Jaele ha e le mona a entse ntho e lokeloang ke thoriso, empa o ile a thabela hore thato ea Jehova e phethahetse.

Ha Sisera a se a shoele, ho ne ho le bonolo hore Baiseraele ba loantše Morena Jabine. Bakanana ba ne ba se ba ke ke ba tšoenya Baiseraele. Kahoo ho ile ha rena khotso ka lilemo tse 40. (Baahloli 4:24; 5:31) Ka sebele Debora, Barake le Jaele ba ile ba hlohonolofatsoa ka lebaka la ho beha tumelo ho Jehova Molimo. Haeba re bontša tumelo e kang ea Debora, ’me ka sebete re e-ba ka lehlakoreng la Jehova re bile re khothalletsa ba bang ho etsa se tšoanang, Jehova o tla re thusa hore re atlehe ’me re be le khotso ea ka ho sa feleng.

^ ser. 7 Baprofeta ba bang ba basali ba akarelletsa Miriame, Hulda le mosali oa Esaia.—Exoda 15:20; 2 Marena 22:14; Esaia 8:3.

^ ser. 9 Pina ea Debora e bontša hore Sisera o ne a atisa hore ha a tsoa ntoeng a tle a hapile banana, ka linako tse ling ba e-ba bangata ho feta masole. (Baahloli 5:30) Lentsoe le fetoletsoeng e le “pōpelo” temaneng ena, le bolela “ngoanana.” Mantsoe a kang ana a re bontša hore banana bao ba ne ba sebelisoa feela bakeng sa boitšoaro bo bobe. Ho ka etsahala hore e ne e le ntho e tloaelehileng hore basali ba betoe sebakeng seo.

^ ser. 17 Ho buuoa ka ntoa ena ka makhetlo a mabeli ka Bibeleng, e leng ho Baahloli khaolo ea 4 moo ho phetoang pale ea Baiseraele le khaolong ea 5 pineng ea Debora le Barake. Litlaleho tsena tse peli lia tlatsana, kaha e ’ngoe e na le lintlha tse sa hlaheng ho e ’ngoe.