Fetela boitsebisong

Na Lipaki Tsa Jehova ke Lequloana?

Na Lipaki Tsa Jehova ke Lequloana?

Che, Lipaki Tsa Jehova hase lequloana. Ho e-na le hoo, re Bakreste ba etsang sohle seo re ka se khonang ho latela mohlala oa Jesu Kreste le ho phela tumellanong le lithuto tsa hae.

Lequloana ke’ng?

Lentsoe “lequloana” le bolela lintho tse fapaneng ho batho ba fapaneng. Leha ho le joalo, hlokomela lintho tse peli tseo batho ba bangata ba li buang ka maquloana le lebaka leo li sa sebetseng ho rōna ka lona.

  • Ba bang ba nahana hore ke bolumeli bo bocha kapa bo khelohileng. Lipaki Tsa Jehova ha lia qapa bolumeli bo bocha. Ho fapana le hoo, re etsisa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, bao mohlala oa bona le lithuto tsa bona li tlalehiloeng ka Bibeleng. (2 Timothea 3:16, 17) Re lumela hore Mangolo a Halalelang ke ’ona a lokelang ho fana ka tataiso ea hore na borapeli bo amohelehang ke bo joang.

  • Ba bang ba nahana hore lequloana ke sehlotšoana se kotsi sa bolumeli se etelloang pele ke motho ea itseng. Lipaki Tsa Jehova ha li na moeta-pele oa motho. Ho e-na le hoo, re latela seo Jesu a ileng a se laela balateli ba hae ha a re: “Moeta-pele oa lōna o mong, Kreste.”​—Matheu 23:10.

Lipaki Tsa Jehova hase lequloana le kotsi, empa bolumeli ba tsona bo tsoela litho tsa bona molemo hammoho le batho ba bang. Ka mohlala, mosebetsi oa rōna oa ho bolela o thusitse batho ba bangata ho hlōla temallo e kotsi, e kang ho sebelisa lithethefatsi le botahoa. Ho phaella moo, re ruta batho ba likete lefatšeng ka bophara ho bala le ho ngola. Hape re phallela batho ba anngoeng ke likoluoa. Re sebetsa ka thata e le hore re be le tšusumetso e ntle ho batho ba bang, feela joalokaha Jesu a ile a laela balateli ba hae hore ba etse joalo.​—Matheu 5:13-16.