Fetela boitsebisong

Nka Itšireletsa Joang Hore ke se ke ka Hlekahlekoa ka Thobalano?

Nka Itšireletsa Joang Hore ke se ke ka Hlekahlekoa ka Thobalano?

Karabo ea Bibele

Nahana ka litlhahiso tsena tse bohlale tse tsoang ka Bibeleng:

  1. Etsa lintho ka tsela e nang le seriti. E-ba botsoalle ’me u hlomphe basebetsi-’moho le uena, empa u qobe ho ba fa maikutlo a hore u tla lumela ha ba batla tsa thobalano.​—Matheu 10:16; Bakolose 4:6.

  2. Apara ka tsela e itlhomphang. Ho apara liaparo tse sieang ’mele ka ntle ho fana ka maikutlo a fosahetseng. Bibele e re khothalletsa hore re apare ka tsela e bontšang “boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.”​—1 Timothea 2:9.

  3. Khetha metsoalle ka bohlale. Haeba u qeta nako u e-na le batho ba se nang bothata kapa ba bileng ba ratang ho bapala ka maikutlo a lerato le ho etsa liketso tse lebisang thobalanong, ba bang ba ka ’na ba etsa se tšoanang ho uena.​—Liproverbia 13:20.

  4. Qoba puo e litšila. Itsamaele haeba batho ba qala ho bua “lintho tse litšila, tsa booatla kapa mesoaso e mebe.”​—Baefese 5:4, God’s Word Bible.

  5. Qoba maemo a ka u behang kotsing. Ka mohlala, u lokela ho ba hlokolosi ha motho a u kōpa hore u sale ka mor’a lihora tsa mosebetsi haeba ho se na lebaka le utloahalang la ho etsa seo.​—Liproverbia 22:3.

  6. Bua ka tieo le ka ho toba. Haeba u hlekahlekoa ka thobalano, bolella motho eo hore ha u rate seo a se etsang. (1 Bakorinthe 14:9) Ka mohlala, u ka ’na ua re: “U ntse u ikhohla ka ’na, ’me ha ke rate seo. Ke kōpa u tlohele ho ikhohla ka ’na.” U ka ’na ua ngolla motho eo u mo bolelle hore na ho etsahetseng, seo se ile sa etsa hore u ikutloe joang ’me u ka rata hore a etse’ng nakong e tlang. Mo bolelle ka ho hlaka hore ke seo u se lumelang le seo u batlang ho se etsa.​—1 Bathesalonika 4:3-5.

  7. Kōpa thuso. Haeba motho eo a tsoela pele ho u hlekahleka, bolella motsoalle, e mong oa lelapa, mosebetsi-’moho kapa motho ea thusang batho ba kileng ba hlekahlekoa ’me e le eo u ka mo tšepang. (Liproverbia 27:9) Batho ba bangata ba kileng ba hlekahlekoa ka thobalano ba thusitsoe ke thapelo. Esita le haeba ha ho mohla u kileng ua rapela, u se ke ua halala thuso eo u ka e fumanang ho Jehova, e leng “Molimo oa matšeliso ’ohle.”​—2 Bakorinthe 1:3.

Ho hlekahlekoa ka thobalano ho sulafaletsa batho ba limilione mosebetsi, empa Bibele e ka ba thusa.