Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebetsana le Mathata a ho Khaotsa ho Ilela Khoeli

Ho Sebetsana le Mathata a ho Khaotsa ho Ilela Khoeli

“Ke ile ka qala ho hlonama haholo ntle ho lebaka. Ke ne ke lula ke lla ’me ke ipotsa hore na ebe ke se ke hlanya.”—Rondro, * ea lilemo li 50.

“Ha u tsoha hoseng u fumana ho le bohlasoa ka tlung. Ha u bone moo lintho tsa hao li leng teng. Ho se ho le thata ho etsa lintho tseo u neng u nolofalloa ho li etsa lilemong tse fetileng ’me ha u tsebe hore na seo se bakoa ke’ng.”—Hanta, ea lilemo li 55.

BASALI bana ba ne ba sa kule. Ho e-na le hoo, ba ne ba le boemong ba ho khaotsa ho ilela khoeli, e leng phetoho ea tlhaho e etsahalang ha mosali a se a sa khone ho ba le bana. Haeba u mosali, na u se u atametse lilemo tseo tsa ho khaotsa ho ilela khoeli? Na u se u ntse u e-na le matšoao a hona? Ho sa tsotellehe hore na u boemong bofe, ho tseba ka phetoho ena ho tla nolofalletsa uena le batho bao u ba ratang hore le sebetsane le mathata a amanang le eona ka katleho.

Ho Khaotsa ho Ilela Khoeli

Phetoho ena e akarelletsa nako eo mosali a seng a le haufi le ho khaotsa ho ilela khoeli le ha a se a khaolitse. *

Basali ba bangata ba qala ho bona matšoao a hore ba se ba le haufi le ho khaotsa ho ilela khoeli ha ba le lilemo li 40, empa ba bang ha ba le lilemo li 60. Maemong a mangata, ba bang ba khaotsa ho ilela khoeli hanyane ka hanyane. Kaha ’mele o ka hlahisa lihomone ka tsela e sa tloaelehang, seo se ka ’na sa etsa hore mosali a se ilele khoeli kamehla kapa a ee matsatsing ka tsela e sa tloaelehang. Basali ba bang ba emisa ho ilela khoeli hang-hang.

Buka e bitsoang Menopause Guidebook e re: “Basali ba khaotsa ho ilela khoeli ka litsela tse fapaneng.” E boetse e re: “Boholo ba bona ba ba le mocheso o mongata” ’me ka linako tse ling ba ka hatsela haholo ka mor’a moo. Seo se ka etsa hore ba hlobaele ’me ba felloe ke matla. Ba nka nako e kae ba ikutloa joalo? Ho ea ka buka e bitsoang  The Menopause Book, “basali ba bangata ba qeta selemo kapa tse peli ba ikutloa ka tsela eo, ha ba se ba le haufi le ho khaotsa ho ilela khoeli. Ba bang ba nka lilemo tse ngata, ’me ba ’maloa ba ba le mocheso oo ka seoelo bophelo bohle ba bona.” *

Ka lebaka la ho feto-fetoha ha lihomone, mosali a ka ’na a ikutloa a tepelletse, a teneha le ho lla le feela, a sitoa ho tsepamisa mohopolo hantle esita le ho lebala kapele. The Menopause Book e re, “Mosali a ka ’na a se ke a ba le matšoao ana ’ohle.” Ha e le hantle, ba bang ba ka ’na ba e-ba le a mang a ’ona kapa ba se ke ba ba le ’ona ho hang.

Kamoo U ka Mamellang Kateng

Ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho tse itseng e le hore u fokotse a mang a matšoao a tlisoang ke ho khaotsa ho ilela khoeli. Ka mohlala, ha basali ba tsubang ba khaotsa ho tsuba, ba ka ’na ba fokotsa makhetlo ao ba bang le mocheso o mongata ka ’ona. Ba bangata ba thusoa ke ho fetola tsela eo ba jang ka eona, joaloka ho fokotsa kapa ho tlohela ho noa joala, k’hafeine, kapa lijo tse nang le linoko tse bohale le tse tsoekere, e leng lintho tse ka o bakang. Ho hlakile hore ke habohlokoa hore ba je hantle, e leng se bolelang hore ba lokela ho ja lijo tse nang le phepo.

Ho ikoetlisa le hona ho ka fokotsa matšoao a ho khaotsa ho ilela khoeli. Ka mohlala, ho ka u thusa hore u se ke ua hlobaela ’me ha etsa hore u loantše ho feto-fetoha ha maikutlo haesita le ho matlafatsa masapo le ho u thusa hore u phele hantle. *

Buisana le ba Bang ka Bolokolohi

Rondro, ea qotsitsoeng ka holimo o re, “Ha ho hlokahale hore u ipipetse ka bohloko boo u bo utloang. Haeba u buisana ka bolokolohi le batho bao u ba ratang, ba ke ke ba tšoenyeha haholo ha ba hlokomela boemo boo u leng ho bona.” Ha e le hantle, ba ka ’na ba utloisisa haholoanyane. 1 Bakorinthe 13:4 e re: “Lerato le na le mamello, lerato le mosa.”—BibelePhetolelo e Ncha.

Basali ba bangata ba boetse ba thusoa ke ho rapela, ho akarelletsa le ba utloileng bohloko ka lebaka la hore ha ba sa tla hlola ba e-ba le bana. Bibele e re tiisetsa sena: “[Molimo] o re tšelisa matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakorinthe 1:4, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ho boetse hoa tšelisa ho tseba hore liphetoho tse tlisoang ke ho khaotsa ho ilela khoeli ke tsa nakoana. Hape, basali ba tsoelang pele ho itlhokomela, ba ka ba mahlahahlaha ’me ba thabela bophelo ka lilemo tse ngata.

^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 6 Lingaka li re mosali o khaotsa ho ilela khoeli ha a qetile likhoeli tse 12 a sa ee matsatsing.

^ ser. 8 Mafu a akarelletsang lefu la qoqotho le a mang a tšoaetsanoang esita le meriana e meng, e ka baka mocheso oo. Ho ka ba molemo hore motho a nahane ka lintho tseo pele a nka hore mocheso oo o amana le ho khaotsa ho ilela khoeli.

^ ser. 12 Lingaka li ka ’na tsa khothalletsa bakuli ba tsona hore ba sebelise meriana e itseng e kang lihomone, lipilisi tse matlafatsang ’mele le tse thibelang motho ho tepella maikutlo ho ba thusa ho sebetsana le nako ea ho khaotsa ho ilela khoeli. Tsoha! ha e buelle mofuta leha e le ofe oa meriana kapa oa phekolo.