Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PUISANO | ELDAR NEBOLSIN

Sebapali sa Piano sa ’Mino oa Classic se Hlalosa Tumelo ea Sona

Sebapali sa Piano sa ’Mino oa Classic se Hlalosa Tumelo ea Sona

Eldar Nebolsin oa Uzbekistan, ke sebapali sa piano se tsejoang linaheng tse ngata. O kile a bina mosollane le lihlopha tsa ’mino oa liletsa London, Moscow, St. Petersburg, New York, Paris, Roma, Sydney, Tokyo le Vienna. Eldar o hōletse Soviet Union ’me o ne a sa lumele hore Molimo o teng. Empa hamorao o ile a etsa qeto ea hore batho ba bōpiloe ke ’Mōpi ea lerato. Tsoha! e ile ea mo botsa ka ’mino oa hae le seo a se lumelang.

Ho tlile joang hore u be sebini?

Batsoali ba ka ba bapala piano. Ba ile ba qala ho nthuta ho e bapala ha ke le lilemo li hlano. Hamorao ke ile ka ea sekolong sa ’mino Tashkent.

Re bolelle ka mathata a ho bina le sehlopha sa ’mino oa liletsa.

Lihlopha tsa ’mino oa liletsa ha li tšoane. Ho joalokaha eka batsamaisi ba tsona ba “bapala” liletsa tse khōlō tsa ’mino. Ke nahana hore bothata bo ka sehloohong boo motho ea binang mosollane a tobanang le bona, ke ho tsamaisana hantle le motsamaisi oa sehlopha. Joaloka puisano e pakeng tsa metsoalle, ba lokela ho mamelana. Kahoo, ho ba le lenaneo le le leng kapa a mabeli a ho itlhakisa pele ba bina.

U qeta nako e kae u itlhakisa?

Bonyane lihora tse tharo ka letsatsi—’me ha ke itlhakisetse feela likarolo tse thata tsa pina. Ke boetse ke bala linoto tsa pina eo ke lokelang ho e bapala. Hape ke mamela lipina tse ling tseo moqapi oa pina ena a ileng a li qapa, e leng se mphang leseli la hore na ke lokela ho bapala pina ea hae joang.

U ka re ke’ng e khethollang sebapali se ipabolang sa piano?

Bokhoni ba sona ba ho etsa hore piano “e bine.” E-re ke hlalose. Piano ke mofuta oa seletsa se tilinngoang. Ka mor’a ho bapala noto e itseng, molumo oa eona o oa theoha ho fapana le seletsa se butsoeloang kapa lentsoe la motho le ka khonang ho bina noto ka tsela e sa feto-fetoheng esita le ho nyolla molumo. Bothata boo libapali tsa piano li tobanang le bona, ke ho hlōla tloaelo ea ho lumella molumo oa pina hore o fele. Li etsa sena ka ho tsamaisa menoana ka boqhetseke le ho bapala piano ka tsela  e rarahaneng, e leng se etsang hore e bapale molumo o itseng nako e telele le hore e ntše melumo e sa tšoaneng. Ha libapali tsa piano li se li ipabola mokhoeng ona o rarahaneng, li ka etsa hore piano e lle joaloka lekolilo, phala kapa e ntše molumo o kang oa sehlopha sa ’mino oa liletsa. Li ka boela tsa etsa hore e ntše molumo o monate haholo o kang oa lentsoe la motho.

Ho totobetse hore u rata ’mino haholo.

Ka ’mino ke khona ho ntša maikutlo ao ho leng thata ho a hlalosa kapa ao ke neng nke ke ka khona ho a ntša.

Ke’ng e ileng ea etsa hore u thahaselle borapeli?

Lapeng ho ne ho lula ho e-na le libuka tse ngata tseo Ntate a neng a tla le tsona Moscow. Buka e ileng ea nkhahla ka ho khetheha ke ea lipale tsa Bibele tse buang ka lintho tse etsahetseng tšimolohong le tse etsahalletseng Baiseraele. Buka e ’ngoe eo ke ileng ka e bala ke e reng U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. * Ke ile ka hlolloa ke kamoo e hlalosang lithuto tsa Bibele ka ho hlakileng kateng. Ha ke ea Spain ka 1991 ho il’o ithutela ’mino, ke ile ka nka buka eo ’me ka e bala ka makhetlo. Ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho ba le tumelo hobane motho ke e-na le mabaka a utloahalang le bopaki bo kholisang, eseng hobane feela ke nkehile maikutlo.

Ntho e ileng ea nkhahla haholo ke tšepiso ea Bibele ea hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ke ile ka utloa eo e le taba e utloahalang haholo! Ka nako eo ke ne ke e-s’o kopane le Lipaki Tsa Jehova. Empa ke ile ka etsa qeto ea hore mohla ke kopanang le tsona, ke tla li kōpa hore li nthute Bibele.

U kopane joang le Lipaki?

Ka mor’a matsatsi a ’maloa ke entse qeto eo, ke ile ka bona bo-’mè ba babeli ba tšoere Libibele. Ke ile ka re ka pelong: ‘Ba tšoana le batho bao ke balileng ka bona bukeng eane. Ba bolela ka tsela e tšoanang le eo Bakreste ba neng ba etsa ka eona mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele.’ Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka ithuta Bibele le ntate e mong oa Paki. Kajeno ke thabela ho thusa batho ba bang ho ithuta ka ’Mōpi oa rōna.

Ke’ng e ileng ea u kholisa hore ’Mōpi o teng le hoja pele u ne u sa lumele hore o teng?

Ke ’mino. Hoo e batlang e le batho bohle ba thabela ’mino, ka tsela eo liphoofolo tsona li sa khoneng. Ka ’mino motho o khona ho bontša boikutlo ba thabo, tšepo, lerato le maikutlo a mang. Ka tlhaho rea tantša ha re utloa morethetho oa ’mino. Empa na ’mino o ka re thusa hore re pholohe? Na o thusa liphoofolo tse matla hore li pholohe joalokaha batho ba rutang thuto ea hore lintho li iphetotse ba bolela? Ha ke nahane joalo. Ke nahana hore ke ntho e sa utloahaleng ho etsa qeto ea hore boko ba motho, bo nang le bokhoni ba ho qapa le ho thabela ’mino o kang oa classic, bo bile teng ka ho iphetola ha lintho. Tlhaloso e utloahalang ka ho fetisisa ke ea hore boko ba rōna bo entsoe ke ’Mōpi ea bohlale le ea lerato.

Bibele e tšoana le ’mino o mathe-maloli o qapiloeng ka bokheleke ’me e khothatsa batho

Ke’ng e ileng ea etsa hore u lumele hore Bibele e tsoa ho Molimo?

Bibele e entsoe ka libuka tse nyenyane tse 66 tse ngotsoeng ke banna ba ka bang 40, hoo e ka bang ka lilemo tse fetang 1 600. Ke ile ka ipotsa hore, ‘Ke mang ea ileng a hlophisa mosebetsi o tsoileng matsoho oa ho ngola buka e lumellanang hakaale?’ Karabo e utloahalang ke hore ke Molimo. Kelellong ea ka, Bibele e tšoana le ’mino o mathe-maloli o qapiloeng ka bokheleke ’me e khothatsa batho.

^ ser. 15 Hona joale Lipaki Tsa Jehova li sebelisa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e thusang batho ho ithuta Bibele. U ka e fumana ho www.dan124.com/st.