Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Lenyalo

Lenyalo

Na lenyalo ke tlamahano feela ea botsoalle?

“Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:6.

SEO BIBELE E SE BUANG

Mahlong a Molimo lenyalo hase tlamahano ea botsoalle feela. Ke tlamahano e halalelang pakeng tsa monna le mosali. Bibele e re: “Tšimolohong ea pōpo ‘[Molimo] o ba entse e le e motona le e motšehali. Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’ . . . Ka hona seo Molimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” *Mareka 10:6-9; Genese 2:24.

Mantsoe a reng, “seo Molimo a se kopantseng hammoho,” ha a bolele hore manyalo a hlotsoe leholimong. Ho e-na le hoo, kaha Bibele e bontša hore ’Mōpi oa rōna ke eena Moqapi oa lenyalo, re lokela ho nka tlamahano ena ka ho teba. Banyalani ba talimang lenyalo la bona ka tsela ena, ba le nka le halalela, e le tlamahano ea bophelo bohle ’me seo se matlafatsa boikemisetso ba bona ba ho etsa hore le atlehe. Ba boetse ba eketsa monyetla oa hore lenyalo la bona le atlehe ka ho batla tataiso ea Bibele e tla ba thusa hore ba phethe boikarabelo ba bona joaloka monna le mosali.

 Boikarabelo ba monna ke bofe?

“Monna ke hlooho ea mosali oa hae.”—Baefese 5:23.

SEO BIBELE E SE BUANG

E le hore lintho li tsamaee hantle ka lapeng, ho na le motho ea lokelang ho etsa liqeto. Bibele e file monna boikarabelo boo. Empa seo hase bolele hore e lokela ho ba mohatelli kapa mpoli. Le teng ha se bolele hore o lokela ho nyahlatsa boikarabelo ba hae, e leng se ka etsang hore mosali a se ke a mo hlompha ’me sa jarisa mosali boima bo sa hlokahaleng. Ho e-na le hoo, Molimo o lebeletse hore monna a sebetse ka thata ho hlokomela mosali oa hae le hore a mo bontše tlhompho kaha ke motsoalle oa hae ea haufi-ufi le eo a mo tšepang. (1 Timothea 5:8; 1 Petrose 3:7) Baefese 5:28 e re: “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona.”

Monna ea ratang mosali oa hae e le kannete, o ananela bokhoni ba hae le talenta ea hae ’me o nahanela maikutlo a hae, haholo-holo litabeng tse ka ’nang tsa ama lelapa. Ha aa lokela ho tsitlella maikutlo a hae hobane feela e le hlooho ea lelapa. Ha Abrahama, e leng monna ea neng a tšaba Molimo a sa mamele keletso e utloahalang ea mosali oa hae tabeng e itseng e amang lelapa, Jehova Molimo o ile a re ho eena: “Mamela lentsoe la hae.” (Genese 21:9-12) Abrahama o ile a bontša boikokobetso ka hore a mamele Molimo, kahoo, lelapa la hae la ba le khotso le bonngoe ’me Molimo a le hlohonolofatsa.

Boikarabelo ba mosali ke bofe?

“Basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna.”—1 Petrose 3:1.

SEO BIBELE E SE BUANG

Pele Molimo a bōpela Adama mosali, O ile a re: “Ha ho hotle hore motho a ’ne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.” (Genese 2:18) Motlatsi ke motho ea tlatsang e mong kapa mothusi. Kahoo, Molimo ha a bōpa mosali a tšoana le monna kapa hore a qothisane lehlokoa le eena, empa hore e be motlatsi oa hae. Ha ba le ’moho ba ka phetha taelo ea Molimo ea hore ba be le bana ’me ba tlatse lefatše.—Genese 1:28.

E le ho nolofalletsa mosali ho phetha boikarabelo ba hae, Molimo o mo file ’mele, kelello le maikutlo a loketseng ho etsa seo. Ha a sebelisa litšobotsi tsena ka bohlale le ka tsela e bontšang lerato, o thusa lelapa la hae hore le atlehe ’me o etsa hore monna oa hae a ikutloe a khotsofetse ebile a ratoa. Mahlong a Molimo mosali ea joalo o tšoaneloa ke thoriso. *Liproverbia 31:28, 31.

^ ser. 5 Bibele e lumella tlhalo haeba molekane e mong a entse bofebe.—Matheu 19:9.

^ ser. 14 Banyalani ba tla fumana litlhahiso tse tla ba thusa litabeng tsa lenyalo le lelapa tse sehloohong se lulang se hlaha Tsoheng! se reng “Se ka Thusang Lelapa.”