Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Ho Imeloa Kelellong—U ka ho Hlōla Joang?

Ho Imeloa Kelellong—U ka ho Hlōla Joang?

“Ke ne ke utloa eka ke ntse ke tapa-tapa nģ’a e le ’ngoe. Hangata ke ne ke sebetsa lihora tse 16 ka letsatsi ebile e le ka seoelo ke phomolang ka mafelo-beke. Ke ne ke utloa bohloko hobane kamehla ke ne ke fumana moralinyana oa ka a se a robetse. Ho imeloa kelellong ho ne ho nkulisa.”Kari, Finland.

MOHLALA oa Kari o tloaelehile. Ho ea ka mokhatlo oa litsebi tsa mafu a kelello oa United Kingdom, mosebetsi a le mong ho ba bahlano Brithani o boletse hore ho imeloa kelellong ho ne ho mo kulisa ha a sa sebetsa ’me khatello e ngata haholo e ne e etsa hore motho a le mong ho ba bane a lle ha a ntse a le mosebetsing. Palo ea batho ba sebelisang meriana e thibelang motho ho imeloa kelellong e ile ea eketseha lilemong tsa morao tjena ha moruo o ne o putlama.

Ke’ng e entseng hore u imeloe kelellong?

  • Ho se tsitse licheleteng kapa linthong tse ling

  • Ho phathahana

  • Ho se utloane le batho ba bang

  • Ho hlaheloa ke ntho e utloisang bohloko

Ho imeloa kelellong ho u amme joang?

  • Ho kula ’meleng

  • Ho tepella maikutlo

  • Ho hlobaela

  • Ho sithabela maikutlo

  • Ho qabana le batho ba bang

 Ha u imetsoe kelellong ho na le ntho e hlollang e etsahalang ’meleng oa hao. ’Mele o ntša lihomone tse etsang hore u heme kapele, pelo ea hao e otle ka potlako le khatello ea mali e phahame. Hape, lisele tsa mali le glucose tseo ’mele o neng o li bolokile li kena maling a ntseng a phalla. Liketsahalo tsena tsohle li etsa hore u itokisetse ho sebetsana le ntho e u tšoenyang, e etsang hore u imeloe kelellong. Ka mor’a moo, ’mele oa hao o sebetsa ka tsela e tloaelehileng hape. Empa ha u ntse u ikutloa u hatellehile, seo se ka etsa hore u lule u tšoenyehile ebile u tsitsipane joaloka koloi e refuoeng nako e telele. Kahoo ho tseba hore na u ka laola ho imeloa kelellong joang ho ka u tsoela molemo ’meleng le kelellong.

Ho Sebetsana le ho Imeloa Kelellong

Ho imeloa kelellong ka bohona ha ho kotsi. Mokhatlo oa Litsebi Tsa Kelello Amerika o re: “Ho imeloa kelellong ho tšoana le khoele ea seletsa sa violin: ha e letsoa hanyenyane e ntša molumo o sa utloahaleng le o kherehlang; ha e letsoa haholo e ntša molumo o hlabang kapa e ka khaoha. Ho imeloa haholo kelellong ho ka bolaea motho empa ha e le ka tsela e laolehang, ho ka etsa hore motho a thabele bophelo. Ha e le hantle, ntho ea bohlokoa ke ho tseba ho ho laola.”

Ntho e ’ngoe eo re lokelang ho e hopola ke hore, batho ha ba tšoane tseleng eo ba itšoarang ka eona ha ba thulana le lintho tse ba kulisang kapa boemo bo itseng. Kahoo ntho e imelang motho e mong e ka ’na ea se ke ea imela e mong. Hangata u ka imeloa haholo kelellong haeba mosebetsi oa hao o etsa hore u ferekane haholo hoo u sa khoneng ho phutholoha kapa ho sebetsana le maemo a tšohanyetso.

Batho ba bang ba inehella joala, lithethefatsi le koae e le ho leka ho sebetsana le ho imeloa kelellong. Ba bang ba qala ho ja ka tsela e sa tloaelehang kapa ba lule ba shebile thelevishene kapa k’homphieutha—e leng mekhoa e sa thuseng ho sebetsana le sesosa sa bothata empa ha e le hantle e bo mpefatsa le ho feta. Joale re ka khona ho laola ho imeloa kelellong joang?

Batho ba bangata ba atlehile ho sebetsana le mathata a imelang kelello a bophelo ka ho sebelisa keletso e tsoang ka Bibeleng. Na bohlale ba eona bo ’nileng ba tsoela batho ba bangata molemo, bo ka u thusa? Nahana ka potso ena ha re ntse re tšohla maemo a mane a tloaelehileng a bakang ho imeloa kelellong.

 1 HO SE SIRELETSEHE

Ha ho na motho ea sireletsehileng ka ho feletseng. Joalokaha Bibele e bolela, “bohle [re] hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) U ka sebetsana joang le boikutlo ba ho se sireletsehe? Leka ho sebelisa litlhahiso tsena.

  • Buisana le setho sa lelapa kapa motsoalle eo u mo tšepang ka mathata a hao. Liphuputso li bontša hore hangata ho tšehetsoa ke batho ba u ratang ho u sireletsa khahlanong le mafu a bakoang ke ho imeloa kelellong. Ka sebele, “motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

  • Qoba ho lula u nahana ka lintho tse mpe. Ho nahana joalo ho ka u siea u khathetse haholo kelellong. Ntho eo u e tšohileng e ka ’na ea se ke ea etsahala! Ke ka hona Bibele e reng: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.”—Matheu 6:34.

  • Ikakhele ka setotsoana thapelong. 1 Petrose 5:7 e re: ‘lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Molimo], hobane oa le tsotella.’ Molimo o bontša hore oa re tsotella ka ho re fa khotso moeeng le ka ho re kholisa hore ‘a ke ke a re tlohela’ haeba re itšetleha ka eena hore a re tšelise a be a re tšehetse linakong tsa mahlomola.—Baheberu 13:5; Bafilipi 4:6, 7.

2 HO PHATHAHANA

Ho tsamaea nako e telele ha u ea mosebetsing, ho sebetsa, ho ithuta, ho hlokomela bana kapa batsoali ba seng ba hōlile ho ka etsa hore motho a imeloe haholo kelellong. Ho feta moo, ho ka ’na ha se ke ha khoneha hore u khaotse ho etsa tse ling tsa lintho tsena. (1 Timothea 5:8) Joale ke’ng seo u ka se etsang e le hore u atlehe?

  • Leka ho ipha nako ea ho phomola ’me u phomole ka ho lekaneng. Bibele e re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 4:6.

  • Ipehele lipakane tse itekanetseng ’me u phele bophelo bo sa rarahanang. (Bafilipi 1:10) Leka ho nolofatsa bophelo ba hao, mohlomong ka ho fokotsa lintho tseo u li rekang kapa nako eo u e qetang u le mosebetsing.—Luka 21:34, 35.

Kari eo ho builoeng ka eena qalong, o ile a hlahloba bocha mokhoa oo a phelang ka oona. O ile a ngola a re, “ke ile ka hlokomela hore ke ne ke phela bophelo ba boithati.” O ile a rekisa khoebo ea hae ’me a fumana mosebetsi o neng o mo fa nako e eketsehileng a le hae. O re, “mokhoa oa rōna oa bophelo o theohile hanyenyane, empa hona joale ’na le mosali oa ka ha re sa lula re imetsoe kelellong ’me re na le nako e ngata eo re ka e qetang le lelapa la rōna le metsoalle. Nke ke ka lumella monyetla ofe kapa ofe oa khoebo hore o nkamohe khotsofalo eo ke nang le eona.”

 3 HO SE UTLOANE LE BATHO BA BANG

Ho se utloane le batho ba bang, haholo-holo bao u sebetsang le bona ho ka u imetsa haholo kelellong. Haeba u ka hlaheloa ke bothata bona, ho na le mekhoa e ’maloa e ka u thusang.

  • Haeba motho e mong a u khopisitse, leka ho lula u khobile matšoafo. U se ke ua roteletsa hlaha. Liproverbia 15:1 e re, “karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.”

  • Leka ho rarolla bothata boo moo le leng bang, u etse joalo ka tlhompho ’me u siele motho eo seriti.—Matheu 5:23-25.

  • Leka ho utloisisa hore na o ikutloa joang. Seo se tla “liehisa bohale [ba rōna]” hobane se etsa hore re ikenye lieteng tsa motho eo. (Liproverbia 19:11) Ho ka boela ha re thusa hore re ipone ka tsela eo motho eo a re bonang ka eona.

  • Leka ho tšoarela. Ho tšoarela hase ntho e ntle feela, empa e boetse ke moriana o loketseng. Joalokaha ho tlalehiloe phuputsong e entsoeng ka 2001, “ho se tšoarele motho e mong” ho fella ka “hore batho ba bangata ba be le bothata ba khatello ea mali le ba pelo,” ha ka lehlakoreng le leng ho tšoarela ho fokotsa ho imeloa kelellong.—Bakolose 3:13.

4 HO HLAHELOA KE NTHO E UTLOISANG BOHLOKO

Nieng, ea lulang Cambodia, o ile a hlaheloa ke lintho tse ngata tse utloisang bohloko. Ka 1974, o ile a lemala ha bomo e ne e phatloha a le boema-fofaneng. Selemong se latelang, o ile a hlokahalloa ke bana ba hae ba babeli, ’mè oa hae le monna oa hae. Ka 2000, ntlo ea hae le thepa ea hae li ile tsa cha ’me lilemo tse tharo ka mor’a moo, monna oa hae oa bobeli o ile a hlokahala. Ka nako eo o ne a batla ho ipolaea.

“Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli”

Empa, Nieng o ile a fumana tsela ea ho mamella. Joaloka Kari, o ile a ithuta Bibele eaba o rua molemo haholo linthong tseo a neng a ithuta tsona hoo a ileng a qeta nako e ngata a thusa batho ba bang hore ba rue molemo joaloka eena. Pale ea hae e re hopotsa tlaleho ea 2008 ea bafuputsi ba bang ba Mabrithani. Ba ile ba fumana hore tsela e ’ngoe ea “ho mamella le har’a mathata” ke “ho fana ka ntho e itseng . . . ho ba bang”—e leng keletso e ileng ea boleloa khale ka Bibeleng.—Liketso 20:35.

Nieng o ile a boela a kholiseha ka ho feletseng ka bokamoso bo molemo, boo ho bona mathata ’ohle a moloko oa batho a tla beng a felile. Moo “khotso e tla ba ngata” lefatšeng lohle.—Pesaleme ea 72:7, 8.

Tšepo ea sebele le bohlale ba ho sebetsana le mathata a bophelo—e leng lintho tsa bohlokoa haholo lia fumaneha ka Bibeleng. Batho ba limilione ba se ba ruile molemo bukeng ena e babatsehang le e ikhethang. Le uena u ka rua molemo.