Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Utloa Bohloko, re Tsofala Ebile re Shoa?

Ke Hobane’ng ha re Utloa Bohloko, re Tsofala Ebile re Shoa?

’Mopi oa rona o re nka re le bana ba hae. Kahoo, ha a batle ha re utloa bohloko. Empa ho na le lintho tse ngata tse re utloisang bohloko. Ebe ke hobane’ng?

Re Utloa Bohloko ka Lebaka la Batsoali ba Rona ba Pele

“Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle.”​—BAROMA 5:12.

Ha Molimo a bopa batho ba pele e leng Adama le Eva, o ba bopile ba e-na le likelello le ’mele e phethahetseng. O ile a boela a ba fa lehae le letle la paradeise mona lefatšeng, le bitsoang serapa sa Edene. Molimo o ile a re ba ka ja litholoana tsa lifate tsohle tse serapeng, ntle le tsa se le seng. Empa Adama le Eva ba ile ba khetha ho ja litholoana tsa sefate sona seo ’me ho etsa joalo e ne e le sebe. (Genese 2:​15-17; 3:​1-19) Ka mor’a hore ba se ke ba mamela Molimo, o ile a ba leleka serapeng ’me bophelo ba qala ho ba thatafalla. Ka mor’a moo, ba ile ba ba le bana ’me le bona bophelo ba ba thatafalla. Kaofela ba ile ba tsofala ’me ba shoa. (Genese 3:​23; 5:5) Le rona rea kula, rea tsofala ebile rea shoa hobane re tsoa ho Adama le Eva.

Mangeloi a Khopo le ’Ona a Etsa Hore re Utloe Bohloko

“Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”​—1 JOHANNE 5:19.

Eo “ea khopo” o bitsoa Satane. Ke lengeloi le ileng la fetohela Molimo. (Johanne 8:​44; Tšenolo 12:9) Hamorao, mangeloi a mang a ile a latela Satane. A bitsoa bademona. Mangeloi ana a khopo a sebelisa matla a ’ona ho khelosa batho le ho etsa hore ba se ke ba mamela ’Mopi. A susumetsa batho ba bangata hore ba etse lintho tse mpe. (Pesaleme ea 106:​35-38; 1 Timothea 4:1) Satane le bademona ba thabela ho utloisa batho bohloko.

Ka Linako Tse Ling ke Rona ba Ikutloisang Bohloko

“Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”​—BAGALATA 6:7.

Kaofela re utloa bohloko ka litsela tse fapaneng ka lebaka la sebe seo re se futsitseng le ka lebaka la tšusumetso ea Satane lefatšeng leo re phelang ho lona. Empa ka linako tse ling, batho ke bona ba ipakelang mathata. Joang? Ha ba etsa lintho tse mpe kapa ba etsa liqeto tse fosahetseng, ba kotula litla-morao tse bohloko. Empa batho ba etsang lintho tse lokileng, ba kotula lintho tse molemo. Ka mohlala, monna kapa ntate ea tšepahalang, ea sebetsang ka thata ebile a rata lelapa la hae o tla kotula lintho tse ngata tse ntle ’me le lelapa la hae le tla thaba. Empa monna ea bechang, ea noang haholo kapa ea botsoa o tla etsa hore lelapa lohle la hae le futsanehe. Kahoo, re tla bontša hore re bohlale haeba re mamela ’Mopi oa rona. O batla hore re thabele lintho tse ntle tse ngata, ho akarelletsa le “khotso e ngata.”​—Pesaleme ea 119:​165.

Re Phela “Matsatsing a ho Qetela”

“Matsatsing a ho qetela . . . , batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba sa mameleng batsoali, . . . ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo.”​—2 TIMOTHEA 3:​1-5.

Kajeno batho ba bangata ba etsa lintho tse hlahang litemaneng tsena. Boitšoaro ba bona ke bopaki bo bong bo bontšang hore re phela “matsatsing a ho qetela.” Hape Mangolo a ile a bolela esale pele hore re ne re tla tseba hore re phela “matsatsing a ho qetela” ha re bona lintoa, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tse kholo tsa lefatše le mafu. (Matheu 24:​3, 7, 8; Luka 21:​10, 11) Lintho tsena li baka mathata a mangata le lefu.