Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

U ka Itloaetsa ho Etsa Lintho Tse Molemo Joang?

U ka Itloaetsa ho Etsa Lintho Tse Molemo Joang?
  • AUSTIN o ntse a tšoeroe ke boroko ha alamo ea hae e lla. Empa hang-hang o oa tsoha ’me o apara liaparo tseo a ikoetlisang ka tsona ebe o oa matha, e leng seo a ileng a tloaela ho se etsa hararo ka beke ho tloha selemong se fetileng.

  • Laurie o qeta ho ngangisana le monna oa hae. O ea ka kichineng a halefile ’me o ntša pakete ea lichokolete ebe o li ja kaofela. O tloaetse ho etsa tjena ha a koatile.

Ke eng eo Austin le Laurie ba tšoanang ka eona? Ebang baa hlokomela kapa ha ba hlokomele, ka bobeli ba etsa lintho hobane ba se ba tloaetse.

Uena? Na ho na le lintho tse molemo tseo u batlang ho itloaetsa ho li etsa? Mohlomong u batla ho ikoetlisa haholoanyane, ho robala ka nako kapa ho buisana khafetsa le batho bao u ba ratang.

Kapa mohlomong u batla ho tlohela lintho tse seng molemo tse kang ho tsuba, ho lula u ja lijo tse se nang phepo le ho qeta nako e ngata Inthaneteng.

Ke ’nete hore ho ka ba thata ho khaotsa ho etsa lintho tseo. Ho ka tšoana le ho robala betheng e futhumetseng nakong ea ha ho bata, ho kena ho bonolo empa ho tsoa ho thata!

Kahoo, u ka etsa joang hore u tloaele ho etsa lintho tse tla u tsoela molemo? Nahana ka mehlala ena e meraro e nkiloeng melao-motheong ea Bibele.