Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ITLOAETSA HO ETSA LINTHO TSE MOLEMO JOANG?

1 U se ke ua Lebella Mehlolo

1 U se ke ua Lebella Mehlolo

Ka linako tse ling u ka ’na ua batla ho fetola ntho e ’ngoe le e ’ngoe hang-hang. U ka ’na ua re, ‘Bekeng ena ke tl’o khaotsa ho tsuba, ho rohakana le ho robala bosiu. Ke tl’o qala ho ikoetlisa, ho ja hantle le ho founela nkhono le ntate-moholo.’ Empa ha u leka ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe, u ka ’na ua hlōleha ho finyella le e le ’ngoe ea tsona!

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”Liproverbia 11:2.

Motho ea bohlale o sheba lintho ka tsela eo li leng ka eona. O oa hlokomela hore nako, matla le lintho tseo a nang le tsona li ka mo sitisa ho finyella lintho tse itseng. Kahoo, o leka ho etsa liphetoho butle-butle ho e-na le hore a batle ho li etsa kaofela ka nako e le ’ngoe.

Ha u leka ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe, u ka ’na ua hlōleha ho finyella le e le ’ngoe ea tsona!

SEO U KA SE ETSANG

Shebana le bothata bo le bong ka nako. Mehato e latelang e ka u thusa:

  1. Etsa lethathamo la lintho tse ntle tseo u batlang ho li etsa ’me ka lehlakoreng le leng u ngole litloaelo tse se nang thuso tseo u batlang ho khaotsa ho li etsa. Ngola lintho tse ngata kamoo u ka khonang.

  2. Ngola lintho tseo u batlang ho qala ka tsona ha u etsa liphetoho.

  3. Khetha e le ’ngoe kapa tse peli ’me u sebetsane le tsona ho fihlela u li hlōtse. Ka mor’a moo, khetha tse ling hape lethathamong la hao ebe u sebetsana le tsona.

Hang ha u khaotsa mokhoa o mobe, batla ntho e ’ngoe e ntle eo u ka e etsang. Ho etsa mohlala, haeba u tloaetse ho shebella thelevishene haholo empa u batla ho sebelisa nako eo ho buisana le batho bao u ba ratang, ho ka ba molemo hore u ba founele pele, ho e-na le hore u qale ka ho shebella thelevishene.