Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | NA MOLIMO OA U TSOTELLA?

Molimo o Batla Hore U Be Haufi le Eena

Molimo o Batla Hore U Be Haufi le Eena

“Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.”—JOHANNE 6:44.

KE HOBANE’NG HA BA BANG BA NA LE LIPELAELO?: Ba bangata ba lumelang ho Molimo ba na le maikutlo a hore o hōle le bona. ’Mè e mong oa Ireland ea bitsoang Christina ea neng a e-ea kerekeng beke le beke o re: “Ke ne ke nka hore o bōpile lintho tsohle. Empa ke ne ke sa mo tsebe. Ha ho mohla nkileng ka ikutloa ke le haufi le eena.”

SEO LENTSOE LA MOLIMO LE SE RUTANG: Ha re le mathateng, Jehova ha a khaotse ho re thusa. Jesu o ile a etsa mohlala ona ho bontša hore Molimo oa re tsotella: “Haeba motho ea itseng a e-ba le linku tse lekholo [100] ’me e ’ngoe ea tsona e hlahlathela, na a ke ke a tlohela tse mashome a robong a metso e robong [99] lithabeng ’me a tsoe ho ea batla e hlahlathelang?” Re ithuta’ng? “Ka ho tšoanang, hase ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.”—Matheu 18:12-14.

E mong le “e mong oa ba banyenyane bana” ke oa bohlokoa ho Molimo. Molimo o “batla e hlahlathelang” joang? Ho latela lengolo le qotsitsoeng qalong, Jehova o hulela batho ho eena.

Kajeno ke bo-mang ba etelang batho malapeng le libakeng tse ling e le hore ba ba bolelle molaetsa oa Molimo?

Hlokomela kamoo Molimo a ileng a nka bohato ba ho hula batho ba ratang ’nete. Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Molimo o ile a romela morutuoa Filipi ho ea kopana le letona la Moethiopia le palameng koloi e le hore ba buisane ka se boleloang ke boprofeta ba Bibele boo letona leo le neng le bo bala. (Liketso 8:26-39) Hamorao, Molimo o ile a laela Petrose hore a etele lehaeng la molaoli oa Moroma ea bitsoang Korneliase ea neng a ntse a rapela a bile a leka ka matla ho sebeletsa Molimo. (Liketso 10:1-48) Molimo o ile a boela a tataisetsa moapostola Pauluse le bo-mphato oa hae nōkeng e ka thōko ho motse oa Filipi. Ha ba le moo ba ile ba kopana le “morapeli oa Molimo” ea bitsoang Lydia, ’me “Jehova a bula pelo ea hae haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa.”—Liketso 16:9-15.

Ketsahalong ka ’ngoe ho tsena, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore batho ba mo batlang ba ba le monyetla oa ho mo tseba. Kajeno ke bo-mang ba etelang batho malapeng le libakeng tse ling e le hore ba ba bolelle molaetsa oa Bibele? Ba bangata ba ka araba potso ena ka ho re, “ke Lipaki Tsa Jehova.” Ipotse, ‘Na ho ka etsahala hore ebe Molimo oa li sebelisa hore li mpontše tsela?’ Re kōpa u rapele Molimo e le hore a u thuse hore u nke khato ha a leka ho u hulela ho eena. *

^ ser. 8 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng shebella video e nang le sehlooho se reng, Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? ho www.dan124.com/st