Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PUISANO | BRETT SCHENCK

“Ke Kholisehile Hore Lintho Tsohle Tse Phelang li Entsoe ke Molimo”

“Ke Kholisehile Hore Lintho Tsohle Tse Phelang li Entsoe ke Molimo”

Brett Schenck ke setsebi sa tikoloho se seng se behile meja fatše se lulang United States. O entse liphuputso ka kamano e teng pakeng tsa limela, liphoofolo le tikoloho. Ke hobane’ng ha a lumela ho ’Mōpi? Tsoha! e ile ea mo botsa ka tumelo ea hae le mosebetsi oa hae joaloka rasaense.

Re bolelle tsela eo u hōlisitsoeng ka eona.

Ntate e ne e le setsebi sa mechine. O ne a rata ho bua le ’na ka saense le lipalo. Ha ke sa le moshemane, ke ne ke khahloa ke limela le liphoofolo tseo ke neng ke li bona melatsoaneng le matamong a haufinyane le lapeng New Paris, Ohio, U.S.A. Kahoo, ha ke ea Univesithing ea Purdue, ke ile ka etsa thuto e mabapi le lintho tse phelang le tikoloho ea tsona.

Na u ne u rata bolumeli?

E, ke ne ke bo rata. Ntate o ne a nkhothalletsa hore ke ithute ka bolumeli ba rōna ba Lutere. Ke ile ka ithuta Segerike se tloaelehileng (Sekoine), e leng e ’ngoe ea lipuo tsa pele tseo Bibele e ileng ea ngoloa ka tsona. Ke ile ka qala ho hlompha Bibele haholo.

U ne u talima thuto ea ho iphetola ha lintho joang?

Kereke ea rōna e ne e amohela thuto ena. Basebetsi-’moho le ’na ba ne ba e lumela. Kahoo le ’na ke ile ka e amohela. Empa ke ne ke boetse ke lumela ho Molimo. Ke ne ke nahana hore lithuto tsena lia lumellana. Le hoja ke ne ke hlompha Bibele, ke ne ke sa nahane hore e tsoa ho Molimo.

Ke eng e ileng ea fetola tsela eo u talimang Bibele ka eona?

Steve le Sandy bao e leng Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba nketela le mosali oa ka Debbie. Ba ile ba re bontša hore le hoja Bibele e se buka ea saense, e nepahetse moo e buang ka litaba tsa saense. Ka mohlala, e re ka Molimo: “Ho na le Ea lulang ka holim’a selika-likoe sa lefatše.” (Esaia 40:22) E boetse e re: “O leketlisa lefatše holim’a lefeela.” (Jobo 26:7) Ka nako eo ke ne ke sebelisa lifoto tsa sathelaete ho ithuta ka tikoloho le lintho tse phelang ho eona, kahoo mangolo ana a ile a nkhahla haholo. A ile a ngoloa khale pele batho ba ka  nka lifoto tse bontšang hore lefatše ke selika-likoe se leketlileng holim’a lefeela. Ha ’na le mosali oa ka re ntse re ithuta Bibele le Steve le Sandy, ke ile ka ithuta ka boprofeta ba eona bo ileng ba phethahala, keletso ea eona e sebetsang le litlhaloso tse ileng tsa nkhotsofatsa. Butle-butle, ke ile ka kholiseha hore Bibele ke Lentsoe la Molimo.

U ile ua fetola maikutlo a hao neng mabapi le qaleho ea bophelo?

Qetellong, Steve o ile a mpontša polelo ena e hlakileng ea Bibele: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše.” (Genese 2:7) Motho oa pele o na le tlaleho e ngotsoeng fatše. Sena se ile sa etsa hore ke ipotse: Na Bibele e lumellana le linnete tsa saense? Steve o ile a nkhothalletsa hore ke batlisise ka taba ena, kahoo ke ile ka etsa joalo.

Ke eng seo u ileng ua ithuta sona ka thuto ea ho iphetola ha lintho?

Ke ithutile lintho tse ngata. E ’ngoe ea tsona ke hore thuto ea ho iphetola ha lintho e leka ho hlalosa hore na bophelo bo bile teng joang. Lintho tse phelang li na le litho tse sebetsang hantle tse kang pelo, matšoafo le mahlo. Hape, ka har’a lisele ho na le likaroloana tse entsoeng ka tsela e hlollang. Ke mang ea qapileng lintho tsee? Ba tšehetsang thuto ea ho iphetola ha lintho ba re likaroloana tse ahang ntho e itseng li ikopanya ka tsela ea mohlolo, hobane lintho tseo li leng ho tsona li phetse hantle. Empa khopolo eo ha e arabe potso ena: Likaroloana tse ahang ntho e itseng tsona li tsoa hokae? Ke hlokometse hore bo-rasaense ba bangata ha ba lumele hore thuto ea ho iphetola ha lintho e araba potso eo. Moprofesa e mong oa thuto ea bophelo ba liphoofolo o ile a mpolella hore eena ha a lumele khopolo ea ho iphetola ha lintho. Leha ho le joalo, ha a tsebahatse maikutlo a hae ka lebaka la ho tšaba ho lahleheloa ke mosebetsi.

Na tsebo ea hao ka tikoloho le lintho tse phelang ho eona e matlafatsa tumelo ea hao?

E, ho joalo. Mosebetsi oa ka o ne o akarelletsa ho ithuta kamoo lintho tse phelang lefatšeng li itšetlehileng ka tse ling kateng. Ka mohlala, nahana ka lipalesa le linotši. ’Mala, monko, lero le sebōpeho sa lipalesa li etselitsoe ho hohela linotši le hore peō ea tsona e li khomarele. Linotši li etselitsoe ho monya lero la lipalesa le ho tsamaisa peō ho tloha lipaleseng tse ling ho ea ho tse ling. Ho hlakile hore lipalesa le linotši li etselitsoe ho thusana.

‘Bokhoni ba ho inchafatsa ba lintho tse phelang lefatšeng, bo etsa hore ke kholisehe hore lintho tsohle tse phelang li entsoe ke Molimo’

Lintho tse ngata tse phelang tikolohong li itšetlehile ka tse ling. Tikolohong ho na le mefuta e mengata ea liphoofolo, limela, baktheria le fungi. Liphoofolo tsohle li itšetlehile ka limela bakeng sa lijo le oksijene ’me bongata ba limela tse thunyang li itšetlehile ka liphoofolo. Le hoja tikoloho e rarahane haholo le lintho tse phelang ho eona li senyeha habonolo, li ka ’na tsa tsoela-pele li phela lilemo tse sekete. Esita le ka mor’a tšenyo e bakiloeng ke tšilafalo, hang feela ha ntho e bakileng tšilafalo eo e tlosoa, lintho tse phelang tikolohong li boela li ba teng. Ha ke nahana ka bokhoni ba ho inchafatsa ba lintho tse phelang lefatšeng, ke kholisehile hore lintho tsohle tse phelang li entsoe ke Molimo.

Ke hobane’ng ha u ile ua ba Paki ea Jehova?

Ke ne ke tšoenyehile haholo ke tsela eo batho ba senyang tikoloho ka eona. Ke ne ke tseba hore le hoja lintho tse phelang tikolohong li khona ho inchafatsa, li ntse li ka senyeha. Lipaki Tsa Jehova li nthutile hore Mangolo a re, Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Mantsoe ao a ne a le bohlokoa ho ’na. Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela butle-butle hore tšepo eo Bibele e fanang ka eona ke ea sebele.

Ke thabela ho bolella ba bang ka seo ke se lumelang ’me ke ithutile Bibele le bo-rasaense ba bang. Ha ke le lilemo li 55, ke ile ka tlohela mosebetsi e le hore ke qete nako e eketsehileng ke thusa batho hore ba tsebe ka Moetsi oa bophelo le morero oa hae ka lefatše la rōna le hlollang.