Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se Ka Thusang Lelapa | Bacha

Na ke Lipapali Tsohle Tseo u ka li Bapalang?

Na ke Lipapali Tsohle Tseo u ka li Bapalang?

BOTHATA

“Ka letsatsi le leng nkile ka ema pel’a terene e mathang ka lebelo le leholo. Ho ema moo ho ile ha etsa hore ke utloe eka ha ke sa na mathata le hoja ke ne ke tšohile.”—Thabang. *

“Nkile ka ema selomong eaba ke ikakhela ka metsing, ke ne ke utloa ke thabile haholo ka metsotsoana eo. Ke ne ke rata ho etsa ntho ena hangata empa ka linako tse ling ke ne ke na le ho tšoha.”—Lineo.

Joaloka Thabang le Lineo bacha ba bangata ba rata lipapali tse kotsi. Na le uena u ee u utloe u batla ho li bapala? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tla u thusa.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Motho e ka ba lekhoba la ho bapala lipapali tse kotsi. Ho ka u thabisa ka nakoana e seng kae empa ho etse hore u batle ho bapala tse kotsi le ho feta. Moeketsi le eena o ne a rata ho ema pel’a literene tse mathang ka lebelo le phahameng. O re o ne a utloa a thabile ka nakoana eno feela empa ka mor’a moo a batla ho etsa ho kotsi le ho feta.

Khotso o ne a tloaetse ho roala lieta tse nang le mabili ebe o itšoarella ka likoloi tse fetang. O re: “Ke ne ke batla ho lula ke etsa ntho ena, ke batla ho tuma empa qetellong ka iphumana ke le sepetlele.”

Ho batla ho etsisa metsoalle ea hao ho ka etsa hore u se ke oa nahana pele u etsa lintho. Tumisang o ile a re: “Bakhotsi ba ka ba ile ba re ke hloelle mohaho o mo lelele ke sa itšireletsa ka letho. Ha ke ntse ke hloella ba ne ba nkhothaletsa ho ea holimo le ho feta. Ke ne ke tšohile hoo ke thothomelang.” Lineo eena o re: “Ke ne ke etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo metsoalle ea ka e e etsang.”

Livideo tse ling tse hlahisoang inthaneteng li rorisa batho ba bapalang lipapali tse kotsi hape li etsa eka lipapali tsena ha li kotsi. Ebile livideo tsena li shebelloa ke batho ba bangata haholo ’me li etsa hore batho ba bapalang lipapali tsena tse kotsi ba tume.

Ka mohlala, livideo tse ling tse hlahisoang inthaneteng li bontša batho ba bapalang ka ho hloella mabota, matlo le litepisi ba se na lintho tse ba sireletsang. Ho shebella livideo tsena ho ka etsa hore u nahane ka mokhoa o fosahetseng oa hore ha ho kotsi hakaalo le hore batho bohle baa li bapala. Ha u lula u li shebella u ka batla ho li bapala.

Khetha ho bapala lipapali tse seng kotsi, Bibele e re:“Etsoe koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.” (1 Timothea 4:8) Hape e re eletsa “ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong.” (Tite 2:12) U ka etsa see joang?

SEO U KA SE ETSANG

TSEBA LIKOTSI. Bibele e re: “E mong le e mong ea masene o tla sebetsa ka tsebo, empa ea hlokang kelello o tla hasanya booatla hohle.” (Liproverbia 13:16) Ha u khetha hore na u tla bapala lipapali life, ipotse hore na lipapali tsee li na le likotsi tse ka ’nang tsa fella ka lefu?—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 14:15.

Khetha metsoalle e hlomphang bophelo. Metsoalle ea sebele e ke ke ea u khothalletsa ho etsa lintho tseo u sa li rateng kapa ho bapala lipapali tse kotsi. Lineo o re: “Metsoalle ea ka ea sebele e ile ea nthusa ho khetha lipapali tse nepahetseng. Ho ba le metsoalle e molemo ho ile ha nthusa ho tlohela ho bapala lipapali tse kotsi.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 13:20.

Ak’u ipotse ‘Na lipapali tsee li na le likotsi tse kang nang tsa fella ka lefu?’

U ka thaba ha u sebelisa talenta ea hao hantle u sa bapale lipapali tse kotsi. Buka e bitsoang Adolescent Risk Behaviors e re: “Ha motho a ntse a hola o lokela ho tseba hore na ke lintho life tse molemo tseo a lokeng ho li khetha.” U ka khetha lipapali tse seng kotsi le ho bapalla sebakeng se bolokehileng.

Bontša hore u motho ea ratang bophelo. Batho ba tla u hlompha ha ba bona kamoo u sebelisang talenta ea hao ka teng ha u tobana le mathata e seng feela ho bapala lipapali tse kotsi. Lineo o re: “Ho bapala lipapali tse kotsi ha hoa ka ha ntsoela molemo ka hona kea ikoahlaea hore ebe ke ile ka etsa qeto e joalo.”

Taba ea bohlokoa: Ho e-na le ho bapala lipapali tse kotsi, etsa qeto e nepahetseng ka ho bapala lipapali tse seng kotsi.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 15:24.

^ ser. 4 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.