Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo Bibele E Se Rutang

Ntoa

Ntoa

Mehleng ea khale Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba loantše lichaba tseo ba neng ba phela har’a tsona. Na le hona joale Jehova o ntse a batla hore batho ba loantšane?

Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba loana?

SEO BATHO BA SE BUANG

 

Baiseraele ba ne ba sebeletsa molimo ea khopo ea batlang ba bolaee batho.

SEO BIBELE E SE RUTANG

 

Lichaba tseo Baiseraele ba neng ba li loantša li ne li etsa lintho tseo Molimo a sa li rateng. Molimo o ne a file lichaba tsena monyetla oa hore li bake empa ha lia ka tsa baka kahoo o ile a re: “Lichaba tseo ke li tlosang ka pel’a lōna li itšilafalitse ka lintho tsena tsohle.”—Levitike 18:21-25; Jeremia 7:31.

“Ha e le hantle, ke ka bokhopo ba lichaba tsena Jehova Molimo oa hao a li lelekang ka pel’a hao.” —Deuteronoma 9:5.

Na Molimo o ntse a batla hore batho ba loane le mehleng ee?

HANGATA BARUTI

 

Ba rapella masole pele a il’o loana hobane ba lumela hore Molimo o tla ba thusa hore ba hlole. Buka e bitsoang The Causes of War e re: “Hohle moo ho loanoang likereke li teng.”

SEO BIBELE E SE RUTANG

 

Molimo ha a batle ha Bakreste ba loana. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena a re: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa.”—Baroma 12:18, 19.

Jesu ha aa ka a laela balateli ba hae hore ba loane empa o ile a re ho bona: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong,” (Matheu 5:44, 45) Bakreste ha baa lokela ho loana le haeba sechaba sa habo bona se ea ntoeng hobane ‘ha se karolo ea lefatše.’ (Johanne 15:19) Ho ke ke ha etsahala hore Molimo a batle hore lichaba li loantšane hobane o batla hore batho ba mo rapelang ba rate lira tsa bona ’me ba se ke ba etsisa batho ba sa mo rapeleng.

“’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.”—Johanne 18:36.

Na ntoa e tla ke e fele?

SEO BATHO BA SE BUANG

 

Batho ba tla lula ba loana. Buka e bitsoang War and Power in the 21st Century e re: “Batho ba bang ba lumela hore ntoa e ke ke ea fela.”

SEO BIBELE E SE RUTANG

 

’Muso oa Molimo o seng o ntse o busa leholimong o tla felisa libetsa tsohle o be o rute batho ho phelisana ka khotso, kahoo batho ha ba sa tla loana. Bibele e re Molimo “o tla ahlola har’a lichaba tse ngata, ’me a lokise litaba lichabeng tse matla tse hōle haholo. Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Mikea 4:3.

Bibele e ruta hore ha ’Muso oa Molimo o se o busa lefatšeng ho tla ba le toka, kahoo ho ke ke ha hlokahala hore batho ba loane ebile ba ke ke ba qabana. Molimo o tšepisa hore ha ho letho le ‘tla ntša kotsi leha e le efe kapa la baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea hae e halalelang; hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.’—Esaia 11:9. ▪

“O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; O chesa likoloi mollong.” —Pesaleme ea 46:9.