Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sehlooho Se Ka Ntle

U ka Etsa’ng Hore u Pholohe Nakong ea Koluoa?

U ka Etsa’ng Hore u Pholohe Nakong ea Koluoa?

Ho ile ha e-ba le lerata le leholo la ho phatloha hoo ke ileng ka batla ke oela fatše. Ha foqoha mosi chomeleng, ra bona ofisi ea rona e se e tletse malakabe a mollo.”—Joshua.

Litabeng re lula re utloa ka lintho tse kang litšisinyeho tsa lefatše, maholiotsoana, litlhaselo tsa likhukhuni le ho thunyana ha bana ba likolo. Ho bohloko ho utloa hore batho ba bang ba hlahetsoe ke koluoa empa ho bohloko le ho feta ha e se e u hlahetse. Sehloohong sena re tl’o hlokomela hore na re ka itšireletsa joang pele koluoa e hlaha, nakong ea koluoa le ka mor’a hore e hlahe.

PELE​—ITOKISE!

LIKOLUOA li ka hlahela motho e mong le e mong empa ha motho a itokisitse hantle a ka pholoha. Ho itokisetsa likoluoa ho akarelletsa’ng?

  • Lokisa kelello. Lula u tseba hore ha likoluoa li hlaha uena le batho bao u ba ratang le ka ba kotsing. Kahoo u se ke oa haha serobe phiri e se e jele.

  • Tseba likoluoa tse ka ’nang tsa etsahala sebakeng sa heno. Batla libaka tseo u ka balehelang ho tsona nakong ea koluoa. Tiisa hore u lula sebakeng se sa angoeng ke likoluoa habonolo, le hore ntlo ea hao e hahiloe ka mokhoa o sireletsehileng. Tlosa lintho tse ka ’nang tsa tšoara kapa tsa baka mollo habonolo. Kenya mochine o thusang ho utloa ha mollo o qala ’me u tiise hore o sebetsa hantle.

  • Lula u e-na le lintho tseo u tla li hloka nakong ea koluoa. Nakong eo, motlakase o ka khaoha, metsi a fela, lifono tsa se ke tsa sebetsa le lipalangoang tsa se ke tsa e-ba teng. Haeba u na le koloi etsa bonnete ba hore e lula e e-na le mafura hape, u na le mokotla o tla nkeha habonolo o tšetseng lijo, metsi le lintho tse ling tseo u tla li hloka.—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng: “ Lintho Tseo U ka li Hlokang Nakong ea Koluoa”.

  • Ntle le hoba le linomoro tsa metsoalle ea hao founong, u ka boela oa li ngola pampiring.

  • Rerang hore na le tla etsa’ng nakong ea koluoa. Tseba hore na u ka tsoa le hokae u be u tsebe litokisetso tse entsoeng sekolong seo bana ba hao ba kenang ho sona. Lumellanang le le lelapa hore na le tla balehela hokae, le khethe libaka tse peli, se seng se be haufi. Hangata batho ba ee ba khothaletsoe hore ba tsamaee e le lelapa ha ba ea libakeng tseo.

  • Itokisetse ho thusa ba bang ho akarelletsa ba holileng le ba nang le bokooa.

NAKONG EA KOLUOA​—U SE KE OA SENYA NAKO

Joshua ea qotsitsoeng pejana o re: “Ha ho qala ho cha batho ba bangata ba ne ba bonahala ba sa tšoha empa ba senya nako ka lintho tse se nang thuso. E mong o ile a tima k’homphieutha ea hae, e mong a leka ho tšela metsi ka botlolong. Athe monna e mong eena o ile a re; ‘Mohlomong re ka ema hanyane.’” Le hoja batho ba bang ba ne ba lieha ho etsa lintho Joshua o ile a re: “Ha re tsoeng!” Ba tlohela lintho tseo ba neng ba ntse ba li etsa eaba kaofela ba tsoa ba matha. A boela a re: “Haeba e mong a ka oela, ha re mo thuseng e le hore re pholohe kaofela.”

  • Ha ho cha. Manama fatše u khasetse monyako. Motho ha a le ka har’a mosi ha a bone hantle hape batho ba bangata ba bolaoa ke ho khangoa ke mosi. U se ke oa senya nako ka ho batla lintho tsa hao, ntho ea pele eo u lokelang ho nahana ka eona ke ho baleha.

  • Ha ho e-ba le tšisinyeho ea lefatše. U ka ipata tlas’a thepa e sa tsamaeng habonolo kapa u itšetlehe ka lebota la kamore. Lebella hore ho ka ba le tšisinyeho e ’ngoe, feela e se matla kahoo, etsa bonnete ba hore u ea sebakeng se se nang mehaho. Ho ka etsahala hore ba litšebeletso tsa pholoho ba liehe ho fihla kahoo, leka ho pholosa batho ba bang.

  • Ha ho e-ba le tsunami. Ha u bona metsi a leoatle a tloha ka potlako lebopong a khutlela ka hare u balehele sebakeng se phahameng. Lebella hore ho tla ba le maqhubu a matla haholo a tlang.

  • Ha ho e-ba le leholiotsoana. Balehela moo ho sireletsehileng.

  • Ha ho e-ba le lipula tsa likhohola. U se ke oa ba ka har’a ntlo e kenetseng metsi. Qoba ho tsamaea kapa ho khanna moo ho nang le metsi a mangata. Nakong ea likhohola metsi a ka ba kotsi hobane a ka ba le likhoere-khoere a ba a pata likotsi tse kang likoti le lithapo tsa motlakase tse oeleng.

  • Batho ba bangata ha ba tsebe hore ha metsi a bophahamo ba lisenthimithara tse 60 a phalla a ka hohola koloi. Ba bang ba bolaoa ke ho leka ho khanna nakong ea likhohola.

  • Ha basebeletsi ba tsa pholoho ba le laela hore le balehe, etsa joalo ka potlako. Etsa bonnete ba hore ba lelapa le metsoalle baa tseba hore na u balehetse hokae hobane ba ka ’na ba ipeha kotsing ba batlana le uena.

  • Nakong ea koluoa ho ka ba molemo ho romella motho molaetsa ho feta ho mo letsetsa.

  • U mamele keletso ea basebeletsi ba tsa pholoho ha ba re le lule sebakeng se sireletsehileng. Haeba ho e-na le ho phatloha ha likhase tse kotsi, lula ka tlung u koetse ka thata hore moea o tsoang kantle o se ke oa kena. Shebella kapa u mamele litaba tsa sebaka seo u leng ho sona. Lula sebakeng se sireletsehileng ho fihlela basebeletsi ba tsa pholoho ba re ho se ho loketse ho ba ka ntle.

HA KOLUOA E SE E FETILE​—LULA U SIRELETSEHILE

E le hore u se ke oa lemala kapa oa kula, etsa lintho tse latelang:

  • Lula le metsoalle le batho ba lelapa ho e-na le ho lula mahaeng a pholoho.

  • Boloka sebaka seo u lulang ho sona se le makhethe.

  • Itšireletse ha u hloekisa. Roala liatlana, lieta tse sireletsang maoto le lekarapa u be u ikoahele linko le molomo. Ela hloko lintho tse ka u ntšang kotsi tse kang, lithapo tsa motlakase.

  • Ha ho khoneha u se ke oa fetola tsela eo u neng u tloaetse ho etsa lintho ka eona. Bana ba hao ba ka thabela ho u bona u khobile matšoafo u bile u e-na le tšepo ea hore lintho li tla loka. Ba thuse ho etsa mosebetsi oa sekolo, bapala le bona u be u ithute Bibele le bona. U se ke oa lula u nahana ka se etsahetseng hape u qobe ho ntšetsa bohloko ba hao ho batho ba bang. Amohela thuso u be u thuse le batho ba bang.

  • Amohela hore u tla senyeheloa nakong ea koluoa. Le hoja batho ba ka thusoa hore ba pholohe empa ha se lintho tsohle tse senyehileng tse ka lokang. E le hore re phele, re itlhokela metsi a hloekileng, lijo, liaparo le bolulo ke phetho.—1 Timothea 6:7, 8.

  • Nakong ea koluoa le ka mor’a eona u tla ameha maikutlo. Hangata ho ameha maikutlo ho bonahala ka mor’a koluoa. Matšoao e ka ba ho tšoenyeha, ho hatelleha maikutlong, ho ba sefela-peloana, ho lieha ho nahana, ho hlobaela le ho hloka tjantjello ea ho sebetsa. Ha boemo bo le tjena, bolella motsoalle oa hao kamoo u ikutloang ka teng.

Joshua o ile a pholoha koluoa eo ea mollo, empa ba bang ba basebetsi-’moho le eena ha baa ka ba pholoha. Bakreste-’moho le eena ba ile ba mo khothatsa ka Bibele hape o ile a ea ngakeng e sebetsanang le mafu a kelello. O re: “Batho bana kaofela ba ile ba nkholisa hore ke ha tlhaho ho ba ka tsela eo ke ikutloang ka eona empa lintho li tla loka ha nako e ntse e ea. Ke qetile likhoeli tse tšeletseng ke phofa, lintho tse ling tsona li ile tsa loka ka mor’a nako e telele.”

Likoluoa li etsa hore re utloe ho se na toka. Ke ka hona ba bang ba reng ke Molimo ea li bakang. Batho ba bang ba utloa eka ke molato oa bona hore ebe ba bang ha baa pholoha. Joshua o re: “Ke utloa eka ha kea pholosa batho ba lekaneng. Ke tšelisoa ke ho tseba hore haufinyane Molimo o tla tlisa toka ’me a felise lintho tse bohloko. Ke leboha feela hore ebe ke ntse ke phela, ebile ke leka ka matla ho qoba ho ba boemong bo tšoanang le boo hape.”—Tšenolo 21:4, 5. *

^ ser. 33 Haeba u batla ho ithuta hore na Molimo o tšepisa ho re etsetsa’ng le hore na ke hobane’ng ha a lumella lintho tse bohloko bala buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? U ka e daonlouda ho www.dan124.com/st.