Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha e le Hantle ke Mang ea Busang Lefatše?

Ha e le Hantle ke Mang ea Busang Lefatše?

Ha e le Hantle ke Mang ea Busang Lefatše?

MOHLOMONG ha u e-s’o kopane le baeta-pele ba mekhatlo ea linokoane. Na seo se bolela hore ho hang ha ba eo? Baeta-pele ba linokoane ba tseba ho pata mohlala ebile ba ka ba ba laola linokoane tse ling ba ntse ba le chankaneng. Leha ho le joalo, lihlooho tsa likoranta tse buang ka lintoa tsa lithethefatsi, matekatse a ikopantseng esita le tlōlo ea molao ea ho rekisa batho, ha re bua ka lintho tse ’maloa feela, li re hopotsa ka tšusumetso e mpe le liphello tse bosula tsa mesebetsi ea baeta-pele ba joalo ba linokoane ebile li re hopotsa hore baeta-pele ba joalo ba teng. Rea tseba hore baeta-pele ba linokoane ba teng ka lebaka la masisa-pelo ao ba a bakelang batho.

Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le senola hore ehlile Satane ke motho oa sebele, ’me joaloka baeta-pele ba linokoane ba matla, o tiisa hore thato ea hae ea etsoa a sebelisa ‘lipontšo tsa leshano’ le ‘thetso e sa lokang.’ Ha e le hantle, Bibele e re “o ntse a iphetola lengeloi la leseli.” (2 Bathesalonika 2:9, 10; 2 Bakorinthe 11:14) Ka ho tšoanang, re ka tiisa hore Diabolose o teng ka lebaka la masisa-pelo ao a a bakelang batho. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba thatafalloa ho lumela hore ho na le sebōpuoa sa moea se sa bonahaleng, se khopo. Pele re ka hlahlobisisa seo Bibele e se buang ka Diabolose, a re tšohleng litšitiso tse ling tse tloaelehileng esita le lintho tse fosahetseng tseo batho ba bangata ba li lumelang tse etsang hore ba se ke ba lumela hore Diabolose ke motho oa sebele.

“Ho tla joang hore Molimo ea lerato a bōpe Diabolose?” Kaha Bibele e re Molimo o molemo ebile o phethahetse, ho bonahala e le ho sa utloahaleng ho nahana hore a ka bōpa sebōpuoa se khopo, se lonya le se sehlōhō. ’Nete ke hore Bibele ha e bolele hore Molimo o bōpile motho ea joalo. Empa ha e bua ka Molimo e re: “Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.”—Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 5:4.

Ntlha eo re lokelang ho e hlahloba ke hore na motho ea phethahetseng ea bōpiloeng ke Molimo a ka etsa ntho leha e le efe e sa lokang. Ho hang Molimo ha aa etsa libōpuoa tsa hae li le joaloka liroboto, empa o li file bolokolohi ba ho ikhethela, e leng matla a ho iketsetsa liqeto. Kahoo, sebōpuoa se bohlale se bileng se phethahetseng, se ka khetha ho etsa se setle kapa se sebe. Ha e le hantle, sebōpuoa se bohlale, ebang ke sa nama kapa sa moea se fuoeng bolokolohi ba ho ikhethela, ke sona feela se ka etsang ntho e itseng ’me ha nkoa hore ke boitšoaro bo nepahetseng kapa bo fosahetseng.

Ka lebaka leo, hoa utloahala hore Molimo o ne a ke ke a fa libōpuoa tsa hae bolokolohi ba ho ikhethela eaba o li thibela ho etsa bobe haeba li ikhethela ho bo etsa. Jesu o ile a bua ka tšebeliso e mpe ea bolokolohi ba ho ikhethela ha a re ka Diabolose: “Ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” (Johanne 8:44) Polelo eo e hlakisa hore qalong sebōpuoa seo e ileng ea e-ba Diabolose e ne e le motho oa moea ea phethahetseng, eo ka nako e ’ngoe a neng ‘a eme a tiile ’neteng.’ * Jehova Molimo o entse libōpuoa tsa hae li e-na le tokelo ea ho ikhethela hobane a li rata a bile a li tšepa.—Sheba lebokose le reng,  “Na Sebōpuoa se Phethahetseng se ka Fetoha se sa Phethahalang?” leqepheng la 6.

“Diabolose ke mohlanka oa Molimo” Batho ba bang ba nahana hore ke sona seo Bibele e se bolelang ka tsela e sa tobang bukeng ea Jobo. Ho latela buka e ’ngoe e hlalosang Bibele, polelo e reng Diabolose o ne a “solla lefatšeng” e hlalosa mosebetsi o neng o etsoa ke lihloela tsa Persia ea boholo-holo, tse neng li hloela libaka ebe li tlalehela marena a tsona. (Jobo 1:7) Leha ho le joalo, haeba Diabolose e ne e hlile e le sehloela sa Molimo, na a ka be a ile a bolella Molimo hore o tsoa “solla lefatšeng”? Ho hang tlaleho ea Jobo ha e bontše hore ho na le selekane pakeng tsa Molimo le Diabolose, ho e-na le hoo, e mo bitsa Satane, e bolelang “Mohanyetsi,” e leng se bontšang hore ha e le hantle ke Sera sa Molimo se ka sehloohong. (Jobo 1:6) Joale, taba ea hore Diabolose o sebeletsa Molimo e tsoa hokae?

Hoo e ka bang lekholong la pele la lilemo C.E., libuka tsa mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele, tse kang “Book of Jubilees” le “Common Rule” tsa lequloana la Qumran, li bontša Diabolose a buisana le Molimo empa a ntse a lokela ho etsa thato ea Molimo. Bukeng ea hae ea Mephistopheles, rahistori J. B. Russell o re Raliphetoho oa Moprostanta Martin Luther o ne a nka hore Diabolose ke sesebelisoa sa Molimo, “se kang sekere se faolang lifate kapa mohoma oo a o sebelisang ha a hlaola serapa sa hae.” Russell o phaella ka ho bontša hore maikutlo ke hore “mohoma ona o thabela ho bolaea lehola,” empa o tšoeroe ke letsoho le matla la Molimo, kahoo o phetha thato ea Molimo. Thuto ena ea Luther, eo hamorao e ileng ea lumeloa ke setsebi sa thuto ea bolumeli sa Mofora se bitsoang John Calvin, e ne e khopisa balumeli ba bangata hobane ba nka hore hoo ke ho hloka toka. Ho tla joang hore Molimo ea lerato a lumelle bokhopo a be a tiise hore boa etsoa? (Jakobo 1:13) Thuto ena, hammoho le lintho tse nyarosang tse etsahetseng lekholong la bo20 la lilemo, li etsa hore batho ba bangata ba se ke ba lumela hore Molimo le Diabolose ba teng.

“Diabolose e mpa e le bobe bo ka hare ho motho” Ho nka hore Diabolose e mpa e le bobe bo ka hare ho motho ho etsa hore ho be thata hore batho ba utloisise litemana tse ling tsa Bibele. Ka mohlala, joalokaha ho hlalositsoe ho Jobo 2:3-6, ebe Molimo o ne a bua le mang? Na mohlomong o ne a bua le bobe bo itseng bo neng bo le ka hare ho Jobo, kapa mohlomong o ne a bua a le mong? Ho feta moo, na Molimo a ka thoholetsa makhabane a Jobo eare ka mor’a moo a lumella Jobo hore a lekoe ke bobe bo ka hare ho eena? Ho nahana hore Molimo a ka etsa ntho e joalo e ne e tla ba ho bolela hore Molimo ke Motho ea khopo, eseng eo ho eena “ho se nang ho se loke.” (Pesaleme ea 92:15) Ho e-na le hoo, Molimo o ile a hana ho “otlolla letsoho” la hae hore a ntše Jobo kotsi. Ho hlakile hore Diabolose hase bobe bo ka hare ho motho ebile hase bobe bo ka hare ho Molimo, empa ke motho oa moea ea ikentseng Sera sa Molimo.

Ha e le Hantle ke Mang ea Busang Lefatše?

Kajeno batho ba bangata ba nahana hore motho ea lumelang hore Diabolose o teng o siuoe ke nako. Leha ho le joalo, ha ho na tsela e utloahalang ea kamoo ho ka hlalosoang bokhopo bo teng lefatšeng, ntle le hore ho thoe bo bakoa ke Diabolose. Ha e le hantle, ho leka ho hanyetsa hore Diabolose o teng ho entse hore batho ba bangata ba latole hore Molimo o teng ’me ba hanyetse melao eohle ea boitšoaro.

Seroki sa lekholong la bo19 la lilemo, Charles-Pierre Baudelaire o ile a re: “Leqheka le leholo ka ho fetisisa la diabolose ke la ho re kholisa hore ha a eo.” Ha e le hantle, ka ho ikhakanya Diabolose o entse hore batho ba belaele hore Molimo o teng. Haeba Diabolose ha a eo, na see ha se bolele hore ke Molimo ea ikarabellang ka bokhopo bohle bo teng? Na hase sona seo Diabolose a batlang hore batho ba se lumele?

Joaloka baeta-pele ba linokoane, Diabolose oa ikhakanya e le hore a finyelle sepheo sa hae. Sepheo seo ke sefe? Bibele e araba ka ho re: “Molimo oa tsamaiso ena ea lintho [o foufalitse] likelello tsa ba sa lumelang, e le hore khanya ea litaba tse molemo tse khanyang tse mabapi le Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo, e se ke ea khanya.”—2 Bakorinthe 4:4.

Potso e ’ngoe ea bohlokoa ke ena. Molimo o tla etsa’ng ka senokoane see se sebetsang ka sekhukhu, se hlohlelletsang bokhopo bohle le mahlomola? Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 E le hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a felisa bofetoheli ba Diabolose hang-hang, sheba khaolo ea 11 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Na Diabolose ke mohlanka oa Molimo kapa ke mohanyetsi oa Hae?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

 Na Sebōpuoa se Phethahetseng se ka Fetoha se sa Phethahalang?

Phetheho eo Molimo a e fileng libōpuoa tsa hae tse bohlale e lekanyelitsoe. Le hoja Adama a bōpiloe a phethahetse, o ne a lokela ho hlompha melao ea tlhaho eo ’Mōpi oa hae a neng a mo behetse eona. Ka mohlala, o ne a ke ke a ja lithōle, lehlabathe kapa lehong, a sa tsoe kotsi. Haeba a ne a ka iphapanyetsa molao oa khoheli eaba o itahlela selomong se phahameng, o ne a tla shoa kapa a lemale hampe.

Ka ho tšoanang, ha ho na sebōpuoa se phethahetseng—ebang ke motho kapa lengeloi—se ka tlōlang melao ea boitšoaro eo se e behetsoeng ke Molimo ebe ha se latsoe liphello tse bosula. Kahoo, ha sebōpuoa se bohlale se sebelisa hampe bolokolohi ba sona ba ho ikhethela, ho bonolo hore se etse phoso le sebe.—Genese 1:29; Matheu 4:4.