Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Jehova, . . . Ua Ntseba”

“Jehova, . . . Ua Ntseba”

Atamela ho Molimo

“Jehova, . . . Ua Ntseba”

MONGOLI Arthur H. Stainback o ile a re: “Ha ho moroalo o ka [jaroang] ke motho o moholo ho feta ho tseba hore ha ho motho ea tsotellang kapa ea utloisisang.” Na u lumellana le mantsoe ao? Na u kile ua nka hore ha ho motho ea u tsotellang kapa ea utloisisang mathata a hao, re se re sa re letho ka hore na uena u ikutloa joang? Haeba ho joalo, mantsoe ana a ka ’na a u khothatsa: Jehova o tsotella barapeli ba hae ka ho tebileng hoo a elelloang lintho tsohle tse ba hlahelang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. Mantsoe a Davida a ho Pesaleme ea 139 a tiisa ’nete ena.

Kaha Davida o ne a e-na le bonnete ba hore Molimo oa mo tsotella, o ile a re: “Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me ua ntseba.” (Temana ea 1) Davida o sebelisa papiso e ntle mona. Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “hlahlobisisa” le ka sebelisoa tabeng ea ha motho a epa e le hore a fumane lejoe la bohlokoa (Jobo 28:3), a hlahloba naha (Baahloli 18:2), kapa a batlisisa taba e amehang nyeoeng (Deuteronoma 13:14). Ka sebele, Jehova o re tseba hantle joalokaha eka o hlahlobile karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Ka hore Davida a re Molimo o “ntlhahlobisisitse,” o re ruta hore Molimo o thahasella e mong le e mong oa bahlanka ba hae. Oa ba hlahlobisisa ebe o ba tseba ka bomong.

Davida o hlalosa ka tsela e batsi hore na Molimo o re hlahlobisisa hakae, ha a re: “U tseba ho lula ha ka le ho ema ha ka. U etse hloko monahano oa ka u le hōle.” (Temana ea 2) Ho ka boleloa hore Jehova o “hōle,” kaha o lula maholimong. Empa, oa tseba ha re lula fatše, mohlomong ka mor’a ho sebetsa ka thata letšehare lohle, le ha re tsoha hoseng ’me re phetha mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi. O boetse o tseba menahano ea rōna, litakatso le boikemisetso ba rōna. Na Davida o tšosoa ke hore o hlahlobisisoa ka tsela eo? Che, ho fapana le hoo, o kōpa hore a hlahlobisisoe. (Litemana tsa 23, 24) Hobane’ng?

Davida oa tseba hore Jehova o na le sepheo se setle ha a hlahlobisisa barapeli ba Hae. Ha Davida a bua ka sepheo sena ka tsela e sa tobang, o re: “U lekantse leeto la ka le ho robala ha ka ke thakhaletse, u tloaelane le litsela tsohle tsa ka.” (Temana ea 3) Letsatsi le letsatsi, Jehova o bona “litsela tsohle” tsa rōna—liphoso tsa rōna hammoho le mesebetsi ea rōna e metle. Na o amehile feela ka litsela tse mpe kapa tse ntle? Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “lekantse” le ka bolela “ho sefa” kapa “ho olōsa,” joalokaha sehoai se olōsa lijo-thollo hore ’mōkō o se nang thuso o tsoe ho sale feela lijo-thollo tse hlokahalang. Lentsoe le reng “tloaelane” ke phetolelo ea lentsoe la Seheberu le ka ’nang la bolela “ho khahloa.” Ha Jehova a hlahloba lintho tseo barapeli ba hae ba li buang le ho li etsa letsatsi le letsatsi, o ananela tse molemo. Hobane’ng? O khahloa ke boiteko boo ba bo etsang hore ba mo khahlise.

Pesaleme ea 139 e re ruta hore ruri Jehova o tsotella barapeli ba hae. Oa ba hlahlobisisa le ho ba lebela ha ba ntse ba phetha mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi. Kahoo o tseba mathata ao ba tobanang le ’ona, ebile o utloisisa bohloko boo ba bo utloang boo e ka ’nang eaba bo bakoa ke mathata ao. Na ha u ikutloe u batla ho rapela Molimo ea u tsotellang joalo? Haeba ho joalo, u ka kholiseha hore ha ho mohla Jehova a tla ‘lebala mosebetsi oa hao le lerato leo u ileng ua le bontša bakeng sa lebitso la hae.’—Baheberu 6:10.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka September:

Pesaleme ea 119-150