Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Qosoa ka Bohata!

O Qosoa ka Bohata!

Tsa Bacha

O Qosoa ka Bohata!

JOSEFA—KAROLO EA 2

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Josefa, Potifaro le mosali oa hae

Kakaretso: Josefa o kenngoa chankaneng le hoja a se na molato, empa Jehova o na le eena.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA GENESE 39:7, 10-23.

U nahana hore mosali oa Potifaro o ne a bua joang ha a qosa Josefa ka bohata?

․․․․․

Ha u nahana ntlo ea chankana e ne e le joang?

․․․․․

Qalong Josefa o ile a tlameha ho mamella tšoaro ea mofuta ofe ha a le chankaneng? (Ntlha e thusang: Bala Pesaleme ea 105:17, 18.)

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Haeba tumelo ea Josefa e ne e fokola, o ne a ka ’na a etsa qeto efe e fosahetseng ha a ntse a le chankaneng? (Ntlha e thusang: Bala Jobo 30:20, 21.)

․․․․․

Re tseba joang hore Josefa ha aa ka a beha Jehova molato ka mahlomola a hae? (Ntlha e thusang: Bala Genese 40:8; 41:15, 16.)

․․․․․

U nahana hore ke litšobotsi life tse ileng tsa thusa Josefa hore a mamelle ho kenngoa chankaneng le hoja a se na molato? (Ntlha e thusang: Bala mangolo a latelang u be u nahanisise ka ’ona: Mikea 7:7; Luka 14:11; Jakobo 1:4.)

․․․․․

Josefa o ile a koetlisoa joang chankaneng, ’me e ka ’na eaba see se ile sa mo thusa joang hamorao? (Ntlha e thusang: Bala Genese 39:21-23; 41:38-43.)

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Melemo e fumanoang ke batho ba tšepahalang ha ba lekoa.

․․․․․

Kamoo mathata a ka u koetlisang kateng.

․․․․․

Kamoo Jehova a re thusang kateng ha re lekoa.

․․․․․

LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.

Na u kile ua hlaheloa ke boemo boo ha u le bona u ileng ua ikutloa u khathatsehile u bile u jeoa ke bolutu? Ebe Jehova o ne a ntse a u thusa joang le nakong eo u neng u le litekong? (Ntlha e thusang: Bala lengolo lena u be u nahanisise ka lona: 1 Bakorinthe 10:13.)

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

Haeba u se na Bibele, e kōpe ho Lipaki Tsa Jehova kapa u bale lingoliloeng tse ling tsa Bibele inthaneteng ho www.watchtower.org