Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Monna ea Ratoang ke Pelo ea Jehova

Monna ea Ratoang ke Pelo ea Jehova

Monna ea Ratoang ke Pelo ea Jehova

U NAHANA eng ka Davida eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng? Na u nahana ka tsela eo a ileng a hlōla seqhenqha sa Mofilista se bitsoang Goliathe? Kapa ka nako eo a neng a balehetse lefeelleng ka lebaka la hore Morena Saule o ne a mo hloile? Kapa ka sebe sa hae le Bathe-sheba le litholoana tse babang tseo a ileng a li kotula ka mor’a moo? Kapa ka lithoko tsa hae tse bululetsoeng tse ngotsoeng bukeng ea Bibele ea Lipesaleme?

Bophelong ba hae, Davida o ile a etsa mesebetsi e mengata e babatsehang, a hlōla lintoa tse ngata, empa mathata le ’ona a ne a mo hloele setha. Leha ho le joalo, ntho e re khahlang ka ho fetisisa ka Davida, ke seo moprofeta Samuele a ileng a se bua ka eena ha a re e ne e tla ba “monna ea ratoang ke pelo ea [Jehova].”—1 Samuele 13:14.

Boprofeta ba Samuele bo ile ba phethahala ha Davida a sa le mocha. Na u ka thabela hore ho thoe u motho ea ratoang ke pelo ea Jehova? Kahoo, u ka ithuta eng bophelong ba Davida, haholo-holo ha a sa le monyenyane, e ka u thusang hore u tšoane le eena? A re boneng hore na re ka ithuta eng.

Lelapa Labo le Mosebetsi oa Hae

Jese e ne e le ntat’a Davida ebile e le setloholo sa Ruthe le Boaze, ’me ho bonahala e ne e le monna ea ratang Jehova haholo. Ha Davida, le baholoane ba hae ba supileng hammoho le likhaitseli tsa hae tse peli ba sa ntse ba le banyenyane, Jese o ile a ba ruta Molao oa Moshe. Pesalemeng e ’ngoe ea hae, Davida o ipitsa mora oa “lekhabunyane” la Jehova. (Pesaleme ea 86:16) Sena se entse hore ba bang ba phethe ka hore ’mè oa Davida, eo lebitso la hae le sa boleloang ka Bibeleng, le eena o ile a khatha tema ea bohlokoa e le hore Davida a be le kamano e ntle le Jehova. Setsebi se seng se re: “E tlameha ebe e bile molomong oa [’mè oa hae] moo a ileng a utloa ka lekhetlo la pele pale e hlollang ea kamoo Molimo a ileng a sebelisana le sechaba sa hae kateng,” e akarelletsang pale ea Ruthe le Boaze.

Ha Bibele e qala ho bua ka Davida, e ne e sa le moshanyana e monyenyane oa molisa eo boikarabelo ba hae e neng e le ho alosa linku tsa ntate oa hae. Ho bonahala mosebetsi ona o ne o akarelletsa ho qeta nako e telele a le mong naheng, a alositse linku bosiu le motšehare. Ak’u nahane ka maemo ana:

Lelapa labo Davida le ne le lula Bethlehema, e leng motse o monyenyane o lihlabeng tsa Juda. Motse oa Bethlehema o ne o pota-potiloe ke masimo a mokurutlaneng ’me a hlahisa chai e ngata ea lijo-thollo. Methipoloheng ho ne ho tletse lirapa tsa lifate tsa litholoana, masimo a mohloaare le a morara. Mehleng ea Davida, ho ka etsahala hore ebe makhulo a ne a e-ba lihlabeng moo ho sa lengoeng. Lefella la Juda le ne le le thōkoana mane.

Mosebetsi oa bolisa o ne o ka ba kotsi. Ke maralleng ana moo Davida a ileng a loana le tau le bere ha li leka ho hloibila linku tsa mohlape oabo. * Mocha enoa ea sebete o ile a sala libata tsena morao, a li bolaea a ba a pholosa linku tsabo melomong ea tsona. (1 Samuele 17:34-36) Mohlomong Davida o ithutile ho betsa letjeketjane ka eona nako eo. Haufi le motse oa habo e ne e le naha ea leloko la Benjamine. Banna ba leloko lena ba tsebang ho betsa letjeketjane ba ne ba ka otla ntho ‘e botenya ba moriri ’me ba ne ba sa fose.’ Davida le eena o ne a nepa ka tsela e tšoanang.—Baahloli 20:14-16; 1 Samuele 17:49.

O ne a Sebelisa Nako Hantle

Ha molisa a alositse, o qeta nako e ngata a le sebakeng se khutsitseng a bile a le mong. Empa Davida ha aa ka a itlohella hore a jeoe ke bolutu. Ho e-na le hoo, o ne a fumana menyetla e mengata ea ho thuisa linakong tseo tsa ha ho khutsitse. Ho bonahala hore lintlha tse ling tseo Davida a buileng ka tsona lipesalemeng tsa hae, ke tseo a neng a nahana ka tsona bocheng ba hae. Ebe ke linakong tsee tsa ha ho khutsitse moo a ileng a nahana ka boemo ba motho bokahohleng a ba a nahana ka lintho tse hlollang tse maholimong—letsatsi, khoeli le linaleli, e leng “mesebetsi ea menoana ea [Jehova]”? Ebe o ile a nahana ka naha e behang, likhutšoane le lipholo, linonyana le “liphoofolo tsa naha e sabaletseng” ha a ntse a le masimong a potolohileng Bethlehema?—Pesaleme ea 8:3-9; 19:1-6.

Ha ho potang hore lintho tse ileng tsa hlahela Davida ha e sa ntse e le molisa li ile tsa etsa hore a kholisehe hore Jehova o bonolo ha a sebelisana le batho ba Hae ba tšepahalang. Ke kahoo Davida a ileng a re: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho. O nthobatsa makhulong a tletseng joang; o ntsamaisa haufi le libaka tsa phomolo tse noselitsoeng hantle. Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi, ha ke tšabe letho le lebe, kaha u na le ’na; molamu oa hao le lere la hao ke lintho tse ntšelisang.”—Pesaleme ea 23:1, 2, 4.

Mohlomong ua ipotsa hore na lintho tsena tsohle li u ama joang. Taba ke hore le leng la mabaka a entseng hore Davida a be le kamano e haufi le Jehova le hore a be a bitsoe “monna ea ratoang ke pelo ea hae” ke hobane o ne a nahanisisa ka ho tebileng ka mesebetsi ea Jehova le ka kamano ea hae le Eena. Na ho ka buuoa se tšoanang ka uena?

Na ho na le mohla u kileng ua susumelletseha hore u rorise ’Mōpi u be u mo tlotlise ha u qeta ho bona ntho e ’ngoe e ntle eo a e entseng? Na u kile ua ikutloa u rata Jehova ka pelo eohle ha u nahana ka tsela eo a sebelisanang le batho ka eona le ha u nahana hore na ke Molimo oa mofuta ofe? E le hore u ananele lintho tsa mofuta ona, u lokela ho rapela Jehova le ho ipha nako ea ho thuisa ka Lentsoe la Molimo le ka pōpo ea hae. Ha u thuisa ka tsela ena, u ka tseba Jehova hantle ’me kahoo ua mo rata. Ba bacha le ba hōlileng ba ka ba le tokelo ena. Ho ka etsahala hore ebe Davida o bile le kamano e haufi le Jehova ho tloha bocheng. Re tseba joang?

Davida oa Tlotsoa

Ha ho bonahala hore Morena Saule ha a tšoanelehe ho etella batho ba Molimo pele, Jehova o ile a re ho moprofeta Samuele: “U tla ’ne u siame ka lebaka la Saule halelele hakae, ha ’na, ka lehlakoreng le leng, ke mo lahlile hore a se ke a busa e le morena oa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ka oli ’me u tsamaee. Ke tla u romela ho Jese Mobethlehema, hobane ke iphumanetse morena har’a bara ba hae.”—1 Samuele 16:1.

Ha Samuele a fihla Bethlehema, o ile a re Jese a bitse bara bohle ba hae. Ke ofe har’a bona eo Samuele a neng a tla mo tlotsa hore e be morena? Ha Samuele a bona mora oa letsibolo, e leng Eliabe, ea neng a shebahala a le motle, o ile a re: ‘Enoa ke eena.’ Empa Jehova o ile a re ho Samuele: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae, kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” Ka tsela e tšoanang Jehova o ile a lahla Abinadabe, Shama, le barab’abo bona ba bang ba bane. Ha tlaleho ena e tsoela pele e re: “Qetellong Samuele a re ho Jese: ‘Na bana ke bona bashanyana bohle?’ Eaba o re: ‘E monyenyane o setse ho fihlela joale, ’me bona! o ntse a fulisa linku.’”—1 Samuele 16:7, 11.

Karabo ea Jese e fana ka maikutlo ana: ‘E ke ke ea e-ba Davida eo u mo batlang.’ Kaha Davida e ne e le mora oa ho fela a bile a tsoa lelapeng le nkoang e se la bohlokoa, o ne a filoe mosebetsi oa ho alosa linku. Empa ke eena eo Molimo a neng a mo khethile. Jehova o bona pelo, ’me ho hlakile hore o bone ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa ho mocha enoa. Kahoo, ha Jese a qeta ho re Davida a latoe, Jehova o ile a re ho Samuele: “‘Ema, u mo tlotse, etsoe enoa ke eena!’ Ka lebaka leo Samuele a nka lenaka la oli ’me a mo tlotsa har’a barab’abo. Moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida ho tloha letsatsing leo ho ea pele.”—1 Samuele 16:12, 13.

Ha hoa boleloa hore na ha e le hantle Davida o ne a le mokae ha sena se etsahala. Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng baholoane ba hae ba bararo, e leng Eliabe, Abinadabe le Shama, ba ne ba le lebothong la Saule. Mohlomong Davida le ba bang ba bane ba ne ba le banyenyane haholo hoo ba neng ba ke ke ba tsamaea le bona. Ho ka etsahala hore ha ho le ea mong oa bona ea neng a se a le lilemo li 20, e leng lilemo tse neng li hlokahala hore motho a kene sesoleng sa Iseraele. (Numere 1:3; 1 Samuele 17:13) Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, Davida o ne a le monyenyane haholo ha Jehova a mo khetha. Leha ho le joalo, hoa bonahala hore e lokela ebe Davida o ne a se a ntse a nka kamano ea hae le Molimo e le ea bohlokoa haholo. Ho hlakile hore o ne a e-na le kamano e matla le Jehova, eo a bileng le eona ka ho nahanisisa ka seo a se tsebang ka Molimo.

Bacha ba kajeno le bona ba lokela ho khothalletsoa ho etsa se tšoanang. Kahoo, batsoali, na le khothalletsa bana ba lōna hore ba nahanisise ka litaba tse amanang le borapeli, ba ananele pōpo ea Molimo le ho ithuta seo Bibele e se buang ka ’Mōpi? (Deuteronoma 6:4-9) Na lōna bacha, lea ikhanna hore le etse see? Morero oa likhatiso tse thehiloeng Bibeleng tse kang makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! * ke ho le thusa hore le etse joalo.

O ne a Tseba ho Letsa Harepa

Feela joalokaha mantsoe a lipesaleme tse ngata tsa Davida a re ruta ho hong mabapi le nako eo e neng e le molisa ka eona, mohlomong le ’mino oa hae o ka re ruta. Ha e le hantle, mehleng ena ha ho tsejoe hore na lipina tsena tse halalelang li ne li binoa joang. Leha ho le joalo, seo re se tsebang ke hore moqapi oa tsona e ne e le kheleke. Ha e le hantle, lebaka leo ka lona Davida a ileng a bitsoa hore e se ke ea e-ba molisa empa a e’o sebeletsa Morena Saule ke hobane o ne a tseba ho letsa harepa.—1 Samuele 16:18-23. *

Davida o ithutile ho letsa harepa hokae hona neng? Mohlomong o ithutile ho e letsa ha a alositse linku naheng nakong eo e sa ntseng e le molisa. Hoa utloahala ho lumela hore esita le hoja a ne a le monyenyane, Davida o ne a se a ntse a binela Molimo lithoriso ka pelo eohle. Ka lebaka leo, Jehova o mo khethile a ba a mo tlotsa hobane e ne e le monna ea inehetseng ho Molimo ea bileng a nkang kamano ea hae le Molimo e le ea bohlokoa, na ha ho joalo?

Bophelo ba Davida ha a se a hōlile bo bontša hore o ne a e-na le kamano e haufi le Jehova. Empa botho boo a ileng a bo bontša bophelong bohle ba hae bo bonahala mantsoeng ao e ka ’nang eaba a amana le lintho tseo a neng a li nahana ha a le naheng e sa le moshanyana Bethlehema. Ak’u nahane ka Davida ha a binela Jehova, a re: “Ke hopotse matsatsi a khale; ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao; ka ho rata ke ’nile ka nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a hao.” (Pesaleme ea 143:5) Pesaleme ena e khathollang le lipesaleme tse ling tse ngata tsa Davida tse tšoanang le eona, e khothatsa bohle ba batlang ho ratoa ke pelo ea Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Bere e sootho ea Syria, eo pele e neng e fumaneha Palestina, e ne e ka ba boima ba lik’hilograma tse 140 ’me e ka bolaea motho kapa phoofolo ka hore e mo tlapunye ka maro a eona a matonanahali. Litau li kile tsa e-ba ngata sebakeng seo. Esaia 31:4 e re esita le “palo e feletseng ea balisa” e ke ke ea leleka “taoana e moetse” phofung ea eona.

^ ser. 20 Li hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 22 Moeletsi oa morena ea ileng a buella Davida o ile a ba a re ke “sebui se kelello le monna ea bōpehileng hantle, ’me Jehova o na le eena.”—1 Samuele 16:18.