Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | MOLIMO O IKUTLOA JOANG KA NTOA?

Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Jesu

Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Jesu

Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ne ba hateletsoe. Ha ho pelaelo hore joaloka baholo-holo ba bona, ba ne ba rapela Molimo ba sa khaotse hore a ba lopolle Pusong ea Roma ea khatello. Eaba ba utloela ka Jesu. Na e ne e le Mesia eo baprofeta ba ileng ba bua ka eena? Ha ho makatse hore ebe ba bangata ba ne ba “tšepile hore monna enoa ke eena ea reretsoeng ho lopolla Iseraele” khatellong ea Roma. (Luka 24:21) Empa ha aa ka a ba lopolla. Ho e-na le hoo, ka 70 C.E., lebotho la Roma le ile la timetsa Jerusalema le tempele ea eona.

Ho ile ha senyeha hokae? Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a loanela Bajuda joalokaha a ne a ba loanela nakong e fetileng? Hape ke hobane’ng ha a sa ka a ba laela hore ba loane e le hore ba itokolle khatellong? Na maikutlo a Molimo ka ntoa a ne a fetohile? Che. Empa Bajuda ba ne ba se ba fetohile haholo. Ha baa ka ba amohela Mor’a Molimo Jesu, e le Mesia. (Liketso 2:36) Kahoo, sechaba seo ha sea ka sa hlōla se e-ba le kamano e khethehileng le Molimo.—Matheu 23:37, 38.

Molimo o ne a se a khaolitse ho sireletsa Bajuda le Naha ea bona e Tšepisitsoeng, esita leha ba ne ba ka ea ntoeng, ba ne ba ke ke ba bolela hore ba laetsoe ke Molimo hore ba loane. Jesu o ile a bolela esale pele hore Molimo ha a sa tla hlohonolofatsa sechaba sa Iseraele, ho e-na le hoo, o tla hlohonolofatsa sechaba se secha, e leng sechaba sa Iseraele ka kutloisiso ea moea, seo hamorao Bibele e ileng ea re ke “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16; Matheu 21:43) Ho ile ha hlaka hore phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ke Iseraele ea Molimo. Ha Bibele e a bua ka bona e re: “Joale le sechaba sa Molimo.”—1 Petrose 2:9, 10.

Kaha joale Bakreste ba pele e ne e se e le “sechaba sa Molimo,” na Molimo o ile a ba loanela e le hore ba lokolohe khatellong ea Roma? Kapa na o ile a ba laela hore ba loantše batho ba ba hatellang? Che. Hobane joalokaha sehlooho se fetileng se bontšitse, Molimo ke eena ea neng a e-na le matla a ho etsa qeto ea hore na lintoa tse itseng li lokela ho loanoa neng. Molimo ha aa ka a loanela Bakreste bao, ebile ha aa ka a ba laela hore ba kene ntoeng. Ho hlakile hore nako ea hore Molimo a felise bokhopo le khatello, e ne e e-s’o fihle.

Kahoo, Bakreste ba pele ba ne ba lokela ho letela Molimo hore a felise bokhopo le khatello feela joalokaha sechaba sa hae sa boholo-holo se ile sa lokela ho mo letela. Ka ho tšoanang, Molimo o ne a sa ba laela hore ba loantše lira tsa bona. Jesu Kreste o ile a hlakisa seo lithutong tsa hae. Ka mohlala, ha aa ka a laela balateli ba hae hore ba loane, ho e-na le hoo, o ile a re ho bona: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:44) O ile a bolela esale pele nako eo ka eona lebotho la Roma le neng le tla hlasela Jerusalema, a ba a laela barutuoa ba hae hore ba balehe ho e-na le hore ba loane, ’me ba feela ba etsa joalo.—Luka 21:20, 21.

Ho phaella moo, moea o halalelang o ile oa susumelletsa moapostola Pauluse hore a re: “Le se ke la iphetetsa, . . . kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa,’ ho bolela Jehova.” (Baroma 12:19) Pauluse o ne a qotsa seo Molimo a ileng a se bua lilemong tse makholo pele ho moo lengolong la Levitike 19:18 le la Deuteronoma 32:35. Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, mehleng ea khale Molimo o ne a loanela batho ba hae ka hore a ba thuse ho hlōla lira tsa bona. Kahoo, mantsoe a Pauluse a bontša hore Molimo o ne a sa fetola maikutlo a hae ka ntoa. Mehleng ea baapostola, Molimo o ne a talima ntoa e le tsela e loketseng ea ho loanela batho ba hae le ho felisa mefuta e fapaneng ea khatello le bokhopo. Leha ho le joalo, joaloka nakong e fetileng, Molimo ke eena ea neng a e-na le matla a ho etsa qeto ea hore na lintoa tseo li lokela ho loanoa neng le hore na ke bo-mang ba neng ba lokela ho li loana.

Ho hlakile hore Molimo ha aa ka a laela Bakreste ba pele hore ba ee ntoeng. Na kajeno ho na le sechaba seo a se laetseng hore se loane? Kapa na hona joale ke nako ea hore a loanele batho ba hae? Molimo o ikutloa joang ka ntoa kajeno? Lipotso tsena li tla arajoa sehloohong sa ho qetela lihloohong tsena.