Lipesaleme 19:1-14

  • Popo ea Molimo le molao oa hae li fana ka bopaki

    • “Maholimo a phatlalatsa khanya ea Molimo” (1)

    • Molao oa Molimo o phethahetseng o fa motho matla (7)

    • “Libe tseo ke sa hlokomelang hore ke li entse” (12)

Ho motsamaisi. Pina ea Davida. 19  Maholimo a phatlalatsa khanya ea Molimo.+ Sepakapaka se phatlalatsa mosebetsi oa matsoho a hae.+   Letsatsi le letsatsi ho utloahala seo li se buang. Bosiu bo bong le bo bong li senola tsebo ea hae.   Maholimo ha a bue letho ebile ha a na mantsoe. Lentsoe la ’ona ha le utloahale.   Empa molumo* oa ’ona o utloahala lefatšeng lohleLe molaetsa oa ’ona o fihla likarolong tse hole tsa lefatše.+ O hlometse letsatsi tente leholimong.   Le tšoana le monyali ha a tsoa kamoreng ea hae. Le thaba joaloka monna ea matla ea mathang lebelong.   Le hlaha karolong e ’ngoe ea leholimoEbe le potoloha ho ea fihla karolong e ’ngoe ea lona.+ Ha ho na letho le ka ipatelang mocheso oa lona.   Molao oa Jehova o phethahetse,+ o etsa hore motho a boele a be le matla.+ Melao* ea Jehova ea tšepahala,+ e hlalefisa ea se nang boiphihlelo.+   Litaelo tsa Jehova li lokile, li thabisa pelo.+ Litaelo tsa Jehova li hloekile, li khantša mahlo.+   Ho tšaba Jehova ho hloekile,+ ke ntho e tla lula e le teng. Likahlolo tsa Jehova ke tsa ’nete, kaofela ha tsona li lokile.+ 10  Li khahleha ho feta khauta,Ho feta khauta e ngata e hloekisitsoeng.+ Li monate ho feta mahe a linotši,+ a rothang khekheng ea tsona. 11  Mohlanka oa hao o lemositsoe ke tsona.+ Ea li mamelang o fumana moputso o moholo.+ 12  Ke mang ea ka lemohang liphoso?+ Ntšoarele ka libe tseo ke sa hlokomelang hore ke li entse. 13  Nthibe hore ke se ke ka ba le boikhohomoso.+ U se ke oa bo lumella hore bo ntaole.+ Kahoo, nke ke ka tšoauoa phoso+Kapa ka ba molato oa libe tse kholo.* 14  E se eka mantsoe a ka le lintho tseo ke nahanisisang ka tsonaLi ka u thabisa Jehova,+ Lefika la ka+ le Molopolli oa ka.+

Linaletsana

Kapa mohlomong: “khoele e methang.”
Kapa: “Likhopotso.”
Kapa: “litlolo tse ngata.”