Lipesaleme 62:1-12

  • Poloko ea ’nete e tsoa ho Molimo

    • “Ke letela Molimo ke khutsitse” (1, 5)

    • ‘Le bolelle Molimo lintho tsohle tse ka lipelong tsa lona’ (8)

    • Batho ba tšoana feela le moea (9)

    • Le se ke la tšepa maruo (10)

Ho motsamaisi. E binoe ka mokhoa oa Jeduthune.* Pina ea Davida. 62  Ke letela Molimo ke khutsitse. Ke eena ea mpholosang.+   Ke lefika la ka le mopholosi oa ka, setšabelo sa ka se sireletsehileng.*+ Nke ke ka sisinngoa haholo le ka mohla.+   Le tla otla motho ho fihlela neng e le hore le mo bolaee?+ Kaofela ha lona le kotsi joaloka lerako la majoe le sekameng, le seng le le haufi le ho oa.*   Baa rerisana hore ba mo theole boemong ba hae bo phahameng.* Ba thabela ho bua leshano. Ba hlohonolofatsa ka melomo ea bona empa ka lipelong tsa bona baa rohakana.+ (Selah)   Ke letela Molimo ke khutsitse+Hobane ke eena ea mphang tšepo.+   Ke lefika la ka le mopholosi oa ka, setšabelo sa ka se sireletsehileng. Nke ke ka sisinngoa le ka mohla.+   Poloko ea ka le khanya ea ka li itšetlehile ka Molimo. Molimo ke lefika la ka le matla le setšabelo sa ka.+   Le mo tšepe ka linako tsohle, lona sechaba. Le mo bolelle lintho tsohle tse ka lipelong tsa lona.+ Molimo ke setšabelo sa rona.+ (Selah)   Bara ba batho ba tšoana feela le moea,Bara ba batho ke setšabelo se sa tšepahaleng.+ Ba bofefo ho feta moea ha ba bapisoa le ’ona sekaleng.+ 10  Le se ke la tšepa bolotsanaKapa la tšepa bosholu. Haeba maruo a lona a eketseha, le se ke la beha lipelo tsa lona ho ’ona.+ 11  Ke utloile habeli hore Molimo o itse: Matla ke a Molimo.+ 12  Lerato* le lona ke la hao, Jehova.+ U putsa motho e mong le e mong ho ea ka liketso tsa hae.+

Linaletsana

Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Kapa mohlomong: “Kaofela ha lona, joalokaha eka ke lerako le sekameng, lerako la majoe le haufi le ho oa.”
Kapa: “theole seriti.”
Kapa: “Lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.