Lipesaleme 6:1-10

  • Kopo ea ho utloeloa bohloko

    • Bafu ha ba rorise Molimo (5)

    • Molimo o utloa ba kopang ho utloeloa bohloko (9)

Ho motsamaisi, e binoe ka liletsa tse likhoele ka molumo oa Sheminithe.* Pina ea Davida. 6  Jehova hle, u se ke oa nkhalemela u halefile,U se ke oa nkhalemela ka bohale.+   Nkhauhele hle Jehova hobane ke felloa ke matla. Mpholise Jehova+ hobane masapo a ka aa thothomela.   Ke khathatsehile haholo.+ Kea u botsa hle Jehova, ho tla nka nako e telele hakae?+   Tloo u mpholose hle Jehova.+ Mpholose hobane oa nthata.*+   Ha motho a shoele, a ke ke a bua ka uena.* Ke mang ea tla u rorisa a le Lebitleng?*+   Ke khathetse ka lebaka la ho lula ke lla.+ Bosiu bohle ke kolobisa bethe ea ka ka likeleli. Setulo* sa ka se tletse metsi ka lebaka la meokho ea ka.+   Ke tšoenyehile haholo ka lebaka la mahlomola a ka,+Ha ke sa bona hantle ka lebaka la bohle ba ntšoereng hampe.   Tlohang ho ’na lona bohle ba etsang lintho tse mpeHobane Jehova o tla utloa sello sa ka.+   Jehova o tla nkutloa ha ke mo kopa hore a nkutloele bohloko.+ Jehova o tla araba thapelo ea ka. 10  Lira tsohle tsa ka li tla tšoha haholo li be li hlajoe ke lihlong. Li tla baleha ka tšohanyetso li tlotlolohile.+

Linaletsana

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a u hopola.”
E ne e le setulo se kang sofa.