Lipesaleme 32:1-11

  • Ho thaba ba tšoaretsoeng

    • ‘Ke u boleletse sebe sa ka’ (5)

    • Molimo o etsa hore o be le temoho (8)

Pesaleme ea Davida. Maskile.* 32  Ho thaba eo phoso ea hae e tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se koahetsoeng.*+   Ho thaba motho eo Jehova a sa mo nkeng a le molato,+Eo ka pelong ea hae a sa nahaneng ka ho thetsa.   Ha ke thola, ke ne ke khathala* ka lebaka la bohloko boo ke neng ke bo utloa letsatsi lohle.+   Kaha ha kea u khahlisa, ke ne ke utloa ke imetsoe bosiu le motšehare.+ Matla a ka a ne a fela joaloka metsi ha a chesoa ke mocheso oa lehlabula. (Selah)   Qetellong ka u bolella sebe sa ka. Ha kea ka ka pata phoso ea ka.+ Ke ile ka re: “Ke tla bolella Jehova liphoso tsa ka.”+ Eaba u tšoarela libe tsa ka.+ (Selah)   Ke ka lebaka leo bohle ba tšepahalang ba tla u rapela+Ha u sa ntsane u fumaneha.+ Esita le metsi a moroallo a ke ke a fihla ho bona.   U sebaka seo ke ipatang ho sona. U tla ntšireletsa mahlomoleng.+ Ho tla ba le thabo e kholo ka mahlakoreng ’ohle ha u mpholosa.+ (Selah)   “Ke tla etsa hore u be le temoho ’me ke u rute tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.+ Ke tla u eletsa ke u behile leihlo.+   U se ke oa ba joaloka pere kapa ’moulo o se nang kutloisiso.+ Li lokela ho laoloa ka tomo kapa ka ropo pele li ka atamela ho uenaHobane li le hlaha.” 10  Matšoenyeho a motho ea khopo a mangata. Empa Jehova o sireletsa ea mo tšepang ka lerato* la hae.+ 11  Thabang ka lebaka la seo Jehova a se entseng, lona ba lokileng. Hoeletsang le thabile, lona bohle ba lipelo li ntle.

Linaletsana

Kapa: “tšoaretsoeng.”
Kapa: “masapo a ka a ne a khathala.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.