Lipesaleme 80:1-19

  • Kopo ea hore Molisa oa Iseraele a ba amohele

    • “Molimo, re amohele hape” (3)

    • Iseraele e joaloka sefate sa morara sa Molimo (8-15)

Ho motsamaisi. E letsoe ka molumo oa “Lipalesa.”* Khopotso. Pesaleme ea Asafe.+ Pina. 80  Molisa oa Iseraele, re mamele,Uena ea tataisang Josefa joaloka mohlape.+ Uena ea lutseng teroneng holim’a* likerubime,+Bontša khanya ea hao.   Bontša matla a hao+Ka pel’a Efraime, Benjamine le Manase. Tloo u tl’o re pholosa.+   Molimo, re amohele hape.+ Re hauhele ’me u re pholose.+   Jehova Molimo oa mabotho, u tla halefela batho ba hao le ho hana ho mamela lithapelo tsa bona ho fihlela neng?+   U ba jesa meokho ea bona joalokaha eka ke bohobeEbile u ba noesa likeleli tse ngata haholo.   U etsa hore baahisani ba rona ba qabane ka lebaka la rona. Lira tsa rona lia re tšeha.+   Molimo oa mabotho, re amohele hape. Re hauhele ’me o re pholose.+   U tlositse sefate sa morara+ Egepeta. Oa leleka lichaba eaba oa se lema.+   U ile oa se hlekela sebaka,Sa mela ’me sa tlala naha.+ 10  Lithaba li ne li koahetsoe ke moriti oa sonaLe lifate tsa kedare tsa Molimo li koahetsoe ke makala a sona. 11  Makala a sona a nama ho ea fihla leoatleng,Mahlomela a sona a fihla Nokeng.*+ 12  Ke hobane’ng ha u lihile marako a majoe a sirelelitseng serapa sa morara+E le hore bohle ba fetang ba khe litholoana tsa sona?+ 13  Likolobe tsa morung li se sentse,Liphoofolo tsa naheng lia se ja.+ 14  Molimo oa mabotho, re kopa u khutle. Sheba u le leholimong ’me u bone. U hlokomele sefate sena sa morara,+ 15  Hlokomela kutu* ena eo u e lemmeng ka letsoho la hao le letona,+U shebe mora eo* u mo matlafalitseng e le hore u tlotlisoe.+ 16  Sefate sea rengoa ’me se chesoa ka mollo.+ Baa felisoa ha u ba khalemela.* 17  E se eka u ka tšehetsa motho ea ka letsohong la hao le letona,Mor’a motho eo u mo matlafalitseng e le hore u tlotlisoe.+ 18  Re ke ke ra u furalla. Re boloke re phela e le hore re tle re rorise lebitso la hao. 19  Jehova Molimo oa mabotho, re amohele hape. Re hauhele ’me u re pholose.+

Linaletsana

Kapa: “Likhahla.”
Kapa mohlomong: “lipakeng tsa.”
E leng ea Eufrate.
Kapa: “kutu ea sefate sa morara.”
Kapa: “lekala leo.”
Ka Seheberu: “ka khalemelo ea sefahleho sa hao.”