Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Beha Melao ea Boitšoaro e Nepahetseng

Beha Melao ea Boitšoaro e Nepahetseng

Batsoali ba bohlale ba ruta bana ba bona melao ea boitšoaro e fumanoang ka Bibeleng

“Nakong e fetileng, ke ne ke sa phele ka melao ea Bibele ’me ke ne ke thatafalloa ho ruta bana ba ka. Empa hona joale ho bonolo hobane ke sebelisa Bibele ho ba thusa.”—ELIZABETH, AFRIKA BOROA.

Bothata.

Khatello ea lithaka sekolong le ho hlepha ha boitšoaro lefatšeng, li susumetsa malapa haholo. E le hore bana ba khone ho hanela tšusumetso ena e mpe, ba lokela ho ithuta melao ea boitšoaro e thehiloeng Bibeleng. Ho seng joalo, e ka ’na ea e-ba batho ba baholo ba se nang boikarabelo, boitšoaro le mekhoa e metle.

Litlhahiso.

Batsoali ba bangata ba se nang balekane, ho akarelletsa le ba qotsitsoeng letotong lena la lihlooho, ba sebelisa tataiso ea Bibele, kaha baa hlokomela hore e na le bohlale ba Molimo bo ke keng ba lekanngoa. Ka mohlala, nahana ka seo Bibele e se buang ka molao-motheo oa bohlokoa ka ho fetisisa, e leng oa ho bontša lerato la sebele.

“Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete. Le jara lintho tsohle, . . . le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:4-8.

Ha batsoali ba bontša lerato le kang leo, bana ba bona baa atleha. Colette eo ho builoeng ka eena pejana, ea lulang Fora o ngotse a re: “Hangata ke ne ke bolella bana ba ka hore kea ba rata. Ke ne ke boetse ke ba bolella hore ke limpho tse tsoang ho Molimo, ’me kahoo ba lokela ho hlokomeloa hantle. Ka lehlakoreng le leng, bona ba ne ba lokela ho ikokobetsa le ho hlompha ’na le ntate oa bona [ea sa fuoang tokelo ea molao ea ho ba hlokomela]. Melao-motheo ena e entse hore ho be le ho tšepana le ho hlomphana ka lapeng.”—Pesaleme ea 127:3.

Anna ea lulang Poland o ngotse a re: “Ha bana ba ka ba sa utloane, ke ba hopotsa mantsoe a Jesu a hore seo re batlang hore ba bang ba re etse sona, re ba etse sona le rōna.”(Matheu 7:12) Roberto, eo ho builoeng ka eena pejana, o tobana le bothata boo batsoali ba bangata ba se nang balekane ba tobanang le bona. O re: “Bana ba beheloa melao ke batho ba babeli—uena le motsoali oa bona e mong. Ha ke hatisa taba ea hore ba lokela ho sebelisa melao ea Bibele, ba bona eka ’mè oa bona ke eena ea ba bontšang mosa haholoanyane.” Ho phaella moo o re: “Motsoali e mong a ka fa bana limpho ka tšepo ea hore ba tla mo rata ho feta e mong. Ho ka ba thata ho hanela khatello ea ho batla ho etsa se tšoanang, empa ho buisana le bana ka bolokolohi hoa thusa.”

Hase kamehla ho leng bonolo ho phela ka melao ea Bibele, empa hoa putsa! Sarah, e leng motsoali ea se nang molekane oa Afrika Boroa o re: “Ke motlotlo hore ebe bana ba ka ba hōlisitsoe ka tataiso ea Jehova. Ke ’nete hore re ’nile ra tobana le mathata, empa haesale Molimo a re tšehelitse.”