Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Bacha Baa Botsa

Nka Etsa Joang Hore ke se ke ka Imeloa Kelellong?

Nka Etsa Joang Hore ke se ke ka Imeloa Kelellong?

U imetsoe hakae kelellong?

  • Ho imeloa kelellong ha se bothata ho ’na
  • Nka khona ho mamella
  • Ha ke sa khona ho mamella
  • Ke imetsoe haholo kelellong

HO IMELOA kelellong ho tšoana le ho hula k’hontheinara e boima e tsamaisang thepa. Teraka e khōlō e ka hula k’hontheinara eo habonolo feela ha e ntse e haola le naha. Empa koloi e ke ke. Ha e ka hula ntho e boima joalo esita leha e sa ee hōle, seo se ka senya ejene ea eona. Hoa tšoana le ka ’mele oa hao ha u imetsoe haholo kelellong.

Na joale u lokela ho felloa ke tšepo? Le hanyenyane! E le hore u qobe ho ikimetsa, u lokela ho bebofatsa moroalo oa hao kapa u matlafatse ’mele oa hao hore o khone ho jara moroalo oo. Ha e le hantle, u ka khona ho etsa lintho tseo ka bobeli. A re hlahlobeng hore na u ka etsa seo joang.

Bebofatsa Moroalo

BOTHATA: Ho leka ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe.

“Motho e mong o tla nkōpa hore ke mo thuse ka ntho e itseng kapa hore ke intše le eena ka nako eo ke hlileng ke nang le lintho tseo ke lokelang ho li etsa. Ha ke rate ho soetsa batho ba bang.”—Karina. *

SE KA U THUSANG: Ithute ho hana.

Bibele e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2) Ho inyenyefatsa kapa ho amohela hore ho na le moo u haelloang teng, ho tla u thusa hore u khone ho hana haeba u kōptjoa ho etsa lintho tse itseng tse tla u imetsa.

Ho hlakile hore ha ua lokela ho lula u hana ho etsa lintho tse itseng—mohlala ke oa ha batsoali ba u hopotsa ka mesebetsi ea lapeng eo u lokelang ho e etsa! Empa haeba u lumella batho hore ba u imetse ka lintho tse ngata u tla imeloa kelellong. Esita le literaka tse khōlō li lekanyetsoa moroalo.

Tlhahiso: Haeba u thatafalloa ho hana ha motho a u kōpa hore u etse ntho e itseng, u ka ’na ua re, “Ke kōpa ho u araba hamorao.” Pele u mo araba, ipotse, ‘Na kannete ke tla khona ho ba le nako le matla a ho etsa ntho ee?’

 BOTHATA: Ho lieha ho etsa lintho.

“Haeba mosebetsi oo ke lokelang ho o etsa o bonahala o le boima, ke o behella ka thōko. Empa leha ho le joalo, ke tšoenyeha ka hore ke ntse ke lokela ho o etsa. Mohla ke o etsang, ke o etsa ka potlako, e leng se nkimetsang kelellong.”—Serena.

SE KA U THUSANG: Qala hang-hang—esita le haeba u ke ke ua qeta ka eona nako eo.

Bibele ea eletsa: “Le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lōna.” (Baroma 12:11) Ho etsa mosebetsi o boima ho ka ba thata, joale ke hobane’ng ha u batla ho ikimetsa le ho feta ka ho lieha ho o etsa? Seo se etsa hore mosebetsi oo o lule o le tseleng ea hao!

E le hore u khothale, ngola lintho tseo u lokelang ho li etsa. Arola mesebetsi e boima ka tsela eo u tla khona ho e phetha. Moroetsana ea bitsoang Carol o re: “Ke rata ho ngola lethathamo la lintho tseo ke lokelang ho li etsa. Hangata ke qala ka ho ngola tseo ke sa rateng ho li etsa, ebe ha ke se ke li entse ke li hlakola lethathamong la  ka, seo se ’nolofalletsa lintho. Ho e-s’o ee kae, u tla khona ho etsa lintho tse u natefelang!”

Tlhahiso: Haeba u thatafalloa ho qala ho etsa mosebetsi o itseng, seta alamo metsotso e 10 kapa e 15, ’me u qalelle ho o etsa. Ha alamo e lla, u tla be u phethile mosebetsi o nkang metsotso e 10 kapa e 15. Kaha joale u se u qalile ho etsa mosebetsi oa hao, u ka ’na ua makatsoa ke kamoo ho leng bonolo kateng ho etsa mosebetsi o eketsehileng.

Etsa hore kamore ea hao e lule e hloekile! Haeba u lokela ho fata har’a bohlasoa e le hore u fumane liaparo tsa hao tse hloekileng kapa libuka tsa sekolo, seo se tla u imetsa kelello le ho feta. E le hore u qobe ho iphumana u le boemong boo hoseng, iphe metsotso e mehlano ea ho phutha pele u robala

Matlafatsa ’Mele oa Hao

Etsa bonnete ba hore ha u ikimetse ka moroalo o tla u hlōla

Hlokomela ’mele oa hao.

Litsebi lia lumellana tabeng ea hore ha batho ba ja hantle, ba ikoetlisa kamehla ’me ba robala ka ho lekaneng, seo se tla ba thusa hore ba phethe mesebetsi e mengata. * U se ke ua tšoenyeha—ho hlokomela ’mele hase ntho e thata. Ho na le mehato e ’maloa le e bonolo e tla u thusa hore u qalelle. Ka mohlala, nahana ka taba ea boroko. Leka ho etsa lintho tse latelang.

  1. Robala ka ho lekaneng. Beha nako e tšoanang ea ho rabala le ea ho tsoha, bonyane ha u e-ea sekolong le mosebetsing.
  2. Iphe nako ea ho phomola. U se ke ua ikoetlisa lihora tse tharo pele u robala, hape qoba ho ja haholo le ho noa lino tse nang le k’hafeine ha nako ea ho robala e atamela.
  3. Ha u le haufi le ho robala, leka ho etsa hore kamore ea hao e be lefifi, e khutse ’me e be boemong bo botle e le hore u khone ho phutholoha.

Kōpa thuso ho batho bang.

U se ke ua tsilatsila ho kōpa thuso ho batsoali ba hao le ho metsoalle. Na ho etsa joalo ho tla u thusa? E, hobane liphuputso li bontša hore ha motho a khothatsoa, seo se fokotsa kotsi ea hore pelo, methapo ea mali le tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung li senyehe, e leng lintho tseo hangata li etsahallang motho ea imetsoeng haholo kelellong.

Liphuputso tseo li lumellana le Bibele ha e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.” (Liproverbia 12:25) Ha u nyahamisoa ke “ho tšoenngoa ke lipelaelo” metsoalle ea ’nete e tla u fa “lentsoe le molemo” la khothatso, eo e ka ’nang eaba ua e hloka e le hore u khone ho atleha.

Na u sa ntse u hloka thuso e le hore u hlōle bothata ba ho imeloa kelellong? Sheba likhaolo tse latelang bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1 le ea 2, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

BUKA EA 1

  • Khaolo ea 18: Nka Sebetsana Joang le Maemo a Sithabetsang ha ke le Sekolong?
  • Khaolo ea 21: Nka Sebelisa Nako ea ka Hantle Joang?

BUKA EA 2

^ ser. 12 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 24 Ho fumana litlhahiso mabapi le ho ja hantle le ho ikoetlisa, sheba khaolo ea 10 bukeng e reng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Ke lintho life tse etsang hore u imeloe kelellong? Ke lintho life tseo u boneng li u thusa ho hlōla bothata ba ho imeloa kelellong?