Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Bontšang Hore na Litšoantšo Tsena li Tsamaisana le Litemana Life

Balang Genese 1:1-31. Matahanyang setšoantšo ka seng le temana ea Bibele e tsamaisanang le sona. (Litšoantšo tsena ha lia behoa ka tatellano e nepahetseng.)

SE KA TŠOHLOANG:

 

Re tseba joang hore lintho tse bōpiloeng ha lia ka tsa bōptjoa ka matsatsi a lihora tse 24?

NTLHA E THUSANG: Balang Genese 2:4; Pesaleme ea 90:4.

U ithuta’ng ka Jehova ha u sheba pōpo ea hae?

NTLHA E THUSANG: Balang Pesaleme ea 115:16; Baroma 1:20; 1 Johanne 4:8; Tšenolo 4:11.

SE KA ETSOANG KE LELAPA:

 

Rerang ho nka leeto la ho ithuta ka lintho tsa tlhaho le le lelapa. Le ka ea serapeng sa polokelo ea liphoofolo, serapeng sa limela kapa moo ho bontšoang linaleli, e le hore le ithute ho eketsehileng ka liphoofolo tseo le li ratang, limela, kapa lipolanete. Ka mor’a moo, litho tsa lelapa li bolele seo li ithutileng sona ka Jehova ka ho hlahloba pōpo ea hae.

 Li Bokelleng ’me le Ithute

KARETE EA BIBELE 23 JONATHANE

LIPOTSO

  1. Jonathane e ne e le letsibolo la ․․․․․.
  2. B. ’Nete kapa Bohata? Ntate oa Jonathane o ile a mo betsa ka lerumo.
  3. C. Jonathane o ne a rata mang ka ho khetheha, hona hobane’ng?

PALE EA HAE EA BOPHELO

Le hoja e ne e le mojalefa ’me a feta Davida ka lilemo tse ka bang 30, Jonathane o ile a tšehetsa Davida joaloka eo Molimo a mo khethileng hore e be morena. (1 Samuele 23:15-18) Jonathane o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka ho sireletsa Davida ho Saule, e leng ntate oa hae ea mōna. (1 Samuele 20:1-42) Mohlala oa Jonathane o re ruta hore re thabe le ba bang ha Molimo a ba fa lintho tse molemo.

LIKARABO

  1. A. Morena Saule.—1 Samuele 14:47, 49.
  2. B. ’Nete.—1 Samuele 20:33.
  3. C. Davida. O ile a bona sebete sa Davida le lerato la hae ho Jehova, ha a ne a loana le Goliathe.—1 Samuele 17:1–18:4.

Batho ba Libakeng Tse Ling

 Lebitso la ka ke Pyae Sone Aung ke lilemo li 11, ke na le Hsu Myat Yadanar Lwin ea lilemo li 7. Re lula Myanmar. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Myanmar? Na li 3 600, li 6 300, kapa li 10 000?

 Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Myanmar.

Bana Batlang Litšoantšo

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

 LIKARABO

  1.   Temana ea 3-5 e tsamaisana le setšoantšo sa F.
  2.   Ea 6-8 e tsamaisana le sa B.
  3.   Ea 9-13 e tsamaisana le sa A.
  4.   Ea 14-19 e tsamaisana le sa E.
  5.   Ea 20-23 e tsamaisana le sa C.
  6.   Ea 24-31 e tsamaisana le sa D.
  7.   3,600.
  8.   D.