Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etelletsa Lintho Tsa Bohlokoa Pele

Etelletsa Lintho Tsa Bohlokoa Pele

E-jang hammoho le le lelapa bonyane hanngoe ka letsatsi

“Ke ne ke lula ke khathetse—ke ipotsa hore na ke tla leka-lekanya joang lintho tabeng ea ho sebetsa, ho hōlisa bana, ho hlokomela lintho tse amanang le borapeli, mesebetsi ea lapeng le ho phomola.”—YOKO, JAPANE.

Bothata.

Miranda, e leng ’mè oa bashemane ba babeli o re: “Bothata bo boholo ke ba ho ba ’mè ea sebetsang, ea lokelang ho hlokomela lelapa ka lintho tsohle tseo le li hlokang nameng, kelellong, maikutlong le moeeng—empa ho se na molekane ea nthusang.”

Litlhahiso.

Etsa qeto ea hore na ke lintho life tseo e leng tsa bohlokoa ho uena le ho bana ba hao, ’me u li etelletse pele.

U se ke ua lumella lintho tse ling ho nka sebaka sa lintho tsa bohlokoa, ’me u ithute ho sebelisa nako le chelete hantle. Ka mohlala: Ke habohlokoa hore bana ba hao ba lule ba phetse hantle, kahoo sebelisa chelete eo u e sebeletsang ka thata hore u ba rekele lijo tse matlafatsang. Ho etsa joalo ho molemo ho feta ho lefella litšenyehelo tsa meriana. Pele u il’o reka, etsa lethathamo la lintho tseo le li hlokang. Seo se tla u thusa hore u qobe ho reka ka lepotlapotla, u reka lintho tseo le sa li hlokeng. Roberto, e leng ntate oa bana ba bane ea lulang United States o re: “Ke rata ho pheha.” O phaella ka ho re: “Ke ithutile ho reka lintho tseo re li hlokang—eseng tseo re li batlang—’me hape ha ke shebe lintho tseo re li hlokang feela, empa ke sheba tseo re hlileng re li hlokang letsatsi ka leng.”

Sebelisa chelete eo u e sebeletsang ka thata hore u reke lijo tse matlafatsang. Ho etsa joalo ho molemo ho feta ho lefella litšenyehelo tsa meriana

Lahlang lintho tseo le sa li sebeliseng tse kang—libuka, liaparo le lisebelisoa tsa motlakase. ’Mè e mong ea se nang molekane o ile a ngola a re: “Lintho tse ngata haholo li baka khatello kelellong. Ha u e-na le lintho tse ngata, u lokela ho li hloekisa, ho li lokisa le ho li boloka li le boemong bo botle. Ntho e ka sehloohong e ka etsang hore u nolofatse bophelo ba hao, ke ho fokotsa lintho tseo u sa li hlokeng.”

Ruta bana ba hao hore ba behe lintho tsa bona ka makhethe pele ba robala. U se ke ua tlohela ntlo ea hao hore e be bohlasoa. Ha bana ba etsa mesebetsi ea lapeng, seo se ba ruta hore ba be le boikarabelo ba ho hloekisa likamore tsa bona le ntlo. Ho hlakile hore mohlala o motle oo u ba behelang oona, o tla etsa hore ba nolofalloe ho u mamela.

Le hoja e ka ’na eaba u phathahane, u lokela ho qeta nako le bana ba hao—eseng nako e seng kae feela, empa e ngata kamoo ho ka khonehang. Bana ba hloka nako ea hao le hore u ba tsotelle.—Deuteronoma 6:7.

E-jang hammoho le le lelapa bonyane hanngoe ka letsatsi, ’me u etse hore nako eo e be e thabisang. Colette, e leng ’mè oa bana ba bararo o re: “Re entse qeto ea hore re je lijo tsa mantsiboea hammoho, hobane ke eona nako eo re bang teng kaofela lapeng, ’me re buisana ka lintho tseo re amehileng ka tsona le tse amanang le borapeli. Eo ke nako e khethehileng haholo ho lelapa la rōna, ebile e tla lula e khethehile.”