Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsela ea ho Utloisisa Bibele

Tsela ea ho Utloisisa Bibele

“U tseba joang hore tsela eo u hlalosang Bibele ka eona e nepahetse? Bibele e ka hlalosoa ka litsela tse ngata!”

Na u kile ua utloa batho ba bua joalo? Empa na u ne u tseba hore u ka khona ho hlahloba Bibele ’me ea itlhalosa? Sena se etsahala tjena: Haeba litemana tse potolohileng taba li sa hlakise moelelo oa polelo e itseng, bapisa polelo eo le litemana tse ling ka Bibeleng tse buang ka taba eona eo. Ka tsela ena, re lumella Bibele hore e be eona e re tataisang, eseng hore re tataisoe ke maikutlo a rōna.

Ka mohlala, nahana ka seo Bibele e se rutang ka boemo ba bafu. Ka tlaase mona ho na le lipolelo tse tšeletseng tse nkiloeng likarolong tse sa tšoaneng tsa Bibele. Hlokomela kamoo li lumellanang kateng.

  • ‘Hase bafu ba ka rokang Jehova, leha e le ba theohelang nģalong e khutsitseng.’Pesaleme ea 115:17. *
  • “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.”Pesaleme ea 146:3, 4.
  • “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”Moeklesia 9:5.
  • “Nģalo ea bafu e ke ke ea u boka, lefu le ke ke la u rorisa . . . ba phelang, ba phelang, ke bona ba u bokang, joalo ka ha ke etsa kajeno.”Esaia 38:18, 19.
  • “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”Ezekiele 18:4.
  • Mabapi le motsoalle oa hae Lazaro ea neng a sa tsoa shoa, Jesu Kreste o ile a re: “Lasaro, motsoalle oa rōna, o robetse; empa ke ea mo tsosa borokong. Barutuoa ba hae ba re ho eena: Morena, ha a robetse, o tla fola. . . . Joale, Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lasaro o shoele.”Johanne 11:11-14.

Na u bona kamoo litemana tsee li lumellanang kateng? Ha ho pelaelo hore ho fapana le litumelo tse tloaelehileng, Bibele e ruta hore bafu ba hlile ba shoele. Ha ba phele leholimong kapa sebakeng leha e le sefe, ha e le hantle, ba robetse boroko bo tebileng, ha ba utloe letho. Kahoo, ba ke ke ba rorisa Molimo ebile ba ke ke ba nahana. *

Taba ea bohlokoa ke hore: Ha re ithuta Bibele ka ho hlahloba sehlooho se le seng ka nako, lithuto tsa eona lia hlaka. Ha e le hantle, mokhoa ona o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova, o hloka boiteko. (Liproverbia 2:1-5) Empa ho joalo le ka lintho tse ngata tseo e leng tsa bohlokoa e le kannete.

^ ser. 5 Litemana tsa Bibele li nkiloe Bibeleng ea Sesotho.

^ ser. 11 Bibele e ruta hore nakong e tlang, bafu ba khopolong ea Molimo ba tla ‘tsosoa,’ kapa ba khutlisetsoe bophelong, ka nako e behiloeng ke Molimo.—Sheba Jobo 14:14, 15; Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.