Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mehato e Supileng e ka Tsoelang Motho Molemo ha a Bala Bibele

Mehato e Supileng e ka Tsoelang Motho Molemo ha a Bala Bibele

Mehato e Supileng e ka Tsoelang Motho Molemo ha a Bala Bibele

“Bibele ke buka e rekoang haholo ho feta tsohle tse teng, le hona seo se etsahala selemo le selemo.”—TIME MAGAZINE.

“Ka linako tse ling ke bala Bibele, empa ke ee ke utloe e sa thahasellise ho hang.”—KEITH, SEBINI SA ENGLANE SE TSEBAHALANG.

KE NTHO e makatsang hore ebe batho ba bangata ba na le Bibele empa ho bonahala ho se molemo o mokaalo oo ba o fumanang ha ba e bala. Leha ho le joalo, ba bang bona ba nka seo ba se balang Bibeleng e le sa bohlokoa. Ka mohlala, mosali ea bitsoang Nancy, o re: “Haesale ke qala ho bala Bibele hoseng ho hong le ho hong ke bile ke nahanisisa ka seo ke se balang, ke se ke ikutloa ke loketse hore nka tobana le bothata leha e le bofe boo nka kopanang le bona letsatsi ka leng. Ho etsa sena kamehla ho nkimolotse haholo khatellong ea maikutlo ho feta eng kapa eng eo nkileng ka e leka lilemong tse ka holimo ho 35 tse fetileng.”

Le haeba ha u e-s’o bale Bibele, na ha u utloe e le ntho e thahasellisang hore ebe batho ba bang ba thusitsoe ke eona? Haeba u se u ntse u bala Bibele, na u ka rata ho fumana melemo e eketsehileng ho eona? Haeba ho joalo, ak’u leke mehato e supileng e hlalositsoeng sehloohong sena.

Mohato oa​—1 E bale u e-na le sepheo se setle

▪ U ka bala Bibele hobane feela u utloa e le buka e monate kapa hobane u ikutloa u tlamehile, kapa hobane u e-na le maikutlo a hore e ka ’na ea u tataisa lefatšeng lena le tletseng mathata. Leha ho le joalo, u ka rua molemo o moholo ho eona haeba sepheo sa hao e le ho ithuta ’nete ka Molimo. Ho phaella moo, u tla rua melemo e mengata haeba sepheo sa hao e le ho bona hore na molaetsa oa eona o ka ama bophelo ba hao joang.

Mangolo a bontša bohlokoa ba ho bala Bibele ka sepheo se setle ka ho e bapisa le seipone: “Haeba leha e le mang e le moutloi oa lentsoe, ’me e se mophethi, o joaloka motho ea talimang sefahleho sa hae sa tlhaho ka seiponeng. Kaha oa icheba, ebe oa tloha ’me kapele-pele o lebala hore na ke motho oa mofuta ofe. Empa ea nyarelang ka molaong o phethahetseng oa tokoloho le ea phehellang ho oona, motho enoa, kahobane e se moutloi ea lebalang, empa e le moetsi oa mosebetsi, o tla thaba ho o etseng ha hae.”—Jakobo 1:23-25.

Motho eo ho buuoang ka eena mohlaleng ona o ile a icheba ka seiponeng empa ha aa ka a lokisa tsela eo a shebahalang ka eona. Mohlomong o ile a inyemotsa feela, kapa mohlomong o ile a ikutloa a tsoafa ho etsa liphetoho. Ka tsela e tšoanang, ha re na ho rua molemo Bibeleng haeba re e balla monate feela kapa re sa sebelise seo re se balang. Ho e-na le hoo, re ka thaba haholo haeba re nyarela ka Bibeleng ka sepheo sa hore re be ‘baetsi,’ re etsa hore maikutlo a Molimo a fetole maikutlo a rōna le liketso tse rōna.

Mohato oa​—2 Khetha Bibele e fetoletsoeng ka botšepehi

▪ E ka ’na eaba ho na le Libibele tse fapa-fapaneng tsa puo ea hao tseo u ka khethang ho li sebelisa. Le hoja Bibele leha e le efe e ka u thusa, tse ling li sebelisa puo ea khale kapa ea barutehi eo ho leng thata ho e utloisisa. (Liketso 4:13) Tse ling tsona li fetotse molaetsa oa Bibele ka hore ebe ho latetsoe litloaelo tsa batho. Ka mohlala, joalokaha re hlokometse lihloohong tse qalang tsa makasine ena, tse ling li ntšitse lebitso la Molimo, Jehova, eaba li kenya litlotla tse kang “Molimo” kapa “Morena.” Kahoo, ha u khetha Bibele, khetha e fetoletsoeng ka nepo ka puo e bonolo e leotsang takatso ea hao ea hore u ’ne u tsoele pele ho e bala.

Babali ba limilione lefatšeng ka bophara ba hlokometse hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e etsa sona seo hantle. * Nahana ka se ileng sa etsahalla monna e mong ea seng a hōlile oa Bulgaria. O ile a tla libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova eaba o fuoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ka mor’a moo o ile a re, “Ke na le lilemo tse ngata ke bala Bibele, empa ha ke e-s’o ka ke bala e utloisisehang habonolo le e nkamang ka botebo joaloka ena.”

Mohato oa​—3 Rapela

▪ U ka utloisisa Bibele le ho feta ka ho kōpa thuso ho Mongoli oa eona, joalokaha mopesaleme a ile a kōpa, a re: “Tutubolla mahlo a ka, e le hore nka talima lintho tse hlollang tse tsoang molaong oa hao.” (Pesaleme ea 119:18) Nako le nako ha u bala Mangolo rapela Molimo, u mo kōpe hore a u thuse hore u utloisise Lentsoe la hae. U ka boela oa leboha hore ebe o fane ka Bibele, kaha hoja e se ka eona re ka be re sa tsebe Molimo.—Pesaleme ea 119:62.

Na Molimo o araba lithapelo tseo tse kōpang thuso? Hlokomela se ileng sa etsahalla bananyana ba motho ba babeli ba Uruguay. Ba ne ba qakuoe ke seo Bibele e se bolelang ho Daniele 2:44 eaba ba rapela Molimo hore a ba romele motho e mong ea ka ba thusang hore ba utloisise temana eo. Hona hoo ha bananyana bao ba ntse ba phetlile Bibele, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa fihla, tsa bala temana eona eo ba neng ba ntse ba rapela ka eona, eaba li ba hlalosetsa hore e bolela hore ’muso oa batho o tla nkeloa sebaka ke ’Muso oa Molimo. * Bananyana bao ba ile ba kholiseha hore Molimo o arabetse thapelo ea bona.

Mohato oa​—4 E bale kamehla

▪ Mohatisi e mong oa libuka o ile a hlokomela hore “batho ba ile ba reka Bibele haholo” ka mor’a litlhaselo tsa bokhukhuni United States tsa la 11 September, 2001. Batho ba bangata ba retelehela Lentsoeng la Molimo feela linakong tsa mathata. Leha ho le joalo, Bibele eona e re khothalletsa hore re e bale letsatsi le leng le le leng, ha e re: “Buka ena ea molao ha ea lokela ho tloha molomong oa hao, ’me u e bale ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare, e le hore u ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngoliloeng ho eona; etsoe ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale.”—Joshua 1:8.

Molemo oa ho bala Bibele kamehla o ka tšoantšoa le motho ea tšoeroeng ke lefu la pelo ea etsang qeto ea hore a je lijo tse matlafatsang. Na o ne a tla thuseha haeba a etsa joalo feela mohla a utloang lehlaba ka sefubeng? Che. O lokela hore kamehla a lule a ja lijo tse matlafatsang e le hore li mo tsoele molemo. Ka ho tšoanang, ho bala Bibele kamehla ho tla u thusa hore ‘u atlehise tsela ea hao.’

Mohato oa​—5 Sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ha u bala

▪ Ho bala Bibele ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo ho ka u thusa, empa ho na le mekhoa e meng eo u ka e sebelisang e ka etsang hore u thabele ho e bala. Litlhahiso tse latelang ke tse ling tseo u ka li sebelisang.

Bala ka motho ea itseng. Bala likhaolo tsohle kapa libuka tse buang ka morapeli oa Molimo ea itseng, joaloka ba latelang:

Josefa: Genese 37–50.

Ruthe: Ruthe 1–3.

Jesu: Matheu 1-28; Mareka 1-16; Luka 1-24; Johanne 1-21. *

Bala ka taba e itseng. Bala mangolo a amanang le taba eo. Ka mohlala, batlisisa ka taba ea thapelo, ebe u bala hore na Bibele e re’ng ka thapelo, u bale le ka tse ling tsa lithapelo tse ngata tse tlalehiloeng ka Bibeleng. *

Balla holimo. U ka rua molemo o moholo ka ho balla Bibele holimo. (Tšenolo 1:3) Le ka ba la e balla holimo le le lelapa, la fa motho ka mong lirapa tse itseng kapa motho ka mong a bale karolo ea motho ea itseng ea hlahang moo le balang teng. Ba bang ba thabela ho mamela ’malo oa Bibele o rekotiloeng. Mosali e mong o itse: “Ho ne ho le thata hore ke qale ho bala Bibele, kahoo ke ile ka qala ka ho mamela ’malo oa Bibele o rekotiloeng. Joale ke se ke utloa ho bala Bibele ho le monate ho feta ho bala buka e monate ea lipale.”

Mohato oa​—6 Thuisa

▪ Bophelo ba mehleng ena bo maphathaphathe le lintho tse ngata tse kenellang li etsa hore ho be thata ho thuisa. Leha ho le joalo, joalokaha re lokela ho thuisa lijo e le hore re rue molemo ho tsona, re lokela ho thuisa ka seo re se balang ka Bibeleng e le hore re rue molemo ho eona. Re etsa sena ka hore re ’ne re nahanisise ka seo re se balang le ka hore re ipotse lipotso tse kang: ‘Ke ithutile’ng ka Jehova Molimo? Nka sebelisa see joang bophelong ba ka? Nka thusa ba bang joang ka sona?’

Ho nahanisisa joalo ho etsa hore molaetsa o ka Bibeleng o ame maikutlo a rōna hape ho etsa hore thabo eo re e fumanang ha re bala Lentsoe la Molimo e eketsehe. Pesaleme ea 119:97 e re: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.” Mopesaleme o ile a etsa hore Mangolo e be eona ntho eo a nahanang ka eona letsatsi lohle ka hore a thuise. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a rate seo a neng a ithuta sona haholo.

Mohato oa​—7 Batla thuso e le hore u e utloisise

▪ Molimo ha aa lebella hore re ka utloisisa Lentsoe la hae ka borōna. Bibele le eona ea lumela hore e na le “lintho tse ling tse thata ho utloisiseha.” (2 Petrose 3:16) Buka ea Liketso e bua ka letona la Ethiopia le neng le thatafaletsoe ke karolo ea Bibele eo le neng le ntse le e bala. Molimo o ile a romela mohlanka e mong oa Hae hore a le thuse ’me phello ea e-ba hore letona leo la Ethiopia “le ile la tsoela pele ho tsamaea le thabile.”—Liketso 8:26-39.

Le uena u ka rua molemo haholo ha u bala Bibele ka hore u batle thuso e le hore u utloisise seo u se balang. Kōpa Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng seo u leng ho sona, kapa u ngolle atereseng e leqepheng la 4 la makasine ena e le hore u thusoe ho ithuta Bibele u sa lefe letho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, e hatisoa e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 83, hape e fumaneha ka lipuo tse 17 Inthaneteng ho www.watchtower.org.

^ ser. 15 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng bo mabapi le ’Muso oa Molimo le seo o tla se etsa, sheba khaolo ea 8 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 24 Haeba u qala ho bala Bibele, leka ho qala ka ho bala buka ea Mareka e hlalositseng tšebeletso ea Jesu ka bokhutšoanyane.

^ ser. 25 Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e thusitse ba bangata hore ba ithute ka litaba tse itseng ka Bibeleng. Ka mohlala, khaolo ea 17 e tšohla seo Mangolo a se rutang ka thapelo.