Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ka Tseba Molimo Hantle?

Na U ka Tseba Molimo Hantle?

Na U ka Tseba Molimo Hantle?

Ke tlotla e khōlō ho fuoa monyetla oa hore u lumelise motho ea phahameng u sebelisa lebitso la hae u be u buisane le eena ka ho toba. Hangata batho ba hlomphehang ba bitsoa ka mabitso a ba tlotlang, a kang “Mopresidente,” “Motlotlehi,” kapa “Mohlomphehi.” Ka hona, ha ho pelaelo hore u tla ikutloa u fuoe tokelo e khōlō haeba motho ea boemong bo phahameng a ka re ho uena, “Se k’a khathatseha, mpitse ka lebitso feela.”

MOLIMO oa ’nete o re bolella ka Lentsoe la hae Bibele ho re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Esaia 42:8) Le hoja le eena a na le mabitso a mo tlotlang a kang “’Mōpi,” “Ea Matla ’Ohle” le “’Musi Morena,” haesale a fa bahlanka ba hae ba tšepahalang tokelo ea hore ba mo bitse ka lebitso la hae.

Ka mohlala, ka lekhetlo le leng moprofeta Moshe o ile a kōpa Molimo ka tieo a re: “Ntšoarele, Jehova.” (Exoda 4:10) Ha ho ne ho neheloa tempele Jerusalema, Morena Solomone o ile a qala thapelo ea hae ka ho re: “Jehova.” (1 Marena 8:22, 23) Hape ha moprofeta Esaia a ne a bua le Molimo a emetse Baiseraele, o ile a re: “Uena, Jehova, u Ntat’a rōna.” (Esaia 63:16) Ka ho hlakileng, Ntate oa rōna ea leholimong o re khothalletsa hore re sebelise lebitso la hae ha re buisana le eena.

Le hoja ho sebelisa lebitso la Jehova ha re buisana le eena e le ntho ea bohlokoa, ho mo tseba ka lebitso ho akarelletsa lintho tse ngata. Ha Jehova a bua ka motho ea mo ratang le ea mo tšepang, o ile a tšepisa: “Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.” (Pesaleme ea 91:14) Ka ho hlakileng, e tlameha ebe ho tseba lebitso la Molimo ho akarelletsa lintho tse ngata kaha ke ntho e ka sehloohong e tla etsa hore Molimo a re sireletse. Joale ho hlokahala’ng hore u tsebe Jehova ka lebitso lee la hae?