Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Na bohloa bo hlile bo lokisa lijo tsa bona lehlabula bo be bo bokelle phepelo ea bona ea lijo ha ho kotuloa?

Liproverbia 6:6-8 e re: “E-ea ho bohloa, uena ea botsoa; bona litsela tsa bona ’me u hlalefe. Le hoja bo se na molaoli, motsamaisi kapa ’musi, bo lokisa lijo tsa bona lehlabula; bo bokeletse phepelo ea bona ea lijo ha ho kotuloa.”

Ha e le hantle, mefuta e mengata ea bohloa ehlile e bokella lijo. Mohlomong mofuta oa bohloa oo Solomone a neng a bua ka oona—e leng oona o tloaelehileng haholo Iseraele mehleng ena—ke o bitsoang bohloa bo kotulang (Messor semirufus).

Ho latela mohloli o mong oa boitsebiso, “bohloa bo kotulang bo tsoa mekoting ho ea sela lijo ha maemo a leholimo a le matle . . . [’me] bo bokella peō likhoeling tse futhumetseng tsa selemo.” Bo ka ’na ba khola peō limeleng kapa ba e thonaka fatše. Likokoanyana tsena li cheka mekoti ea tsona haufi le masimo, meliko kapa liotlo, e leng moo li ka fumanang lijo-thollo hona teng.

Ha bo le ka mokoting, bohloa bo beha lijo ka likamoreng tse ngata tse hokahaneng. Likamore tsena tsa lijo li ka ba bophara ba lisenthimithara tse 12 le bophahamo ba senthimithara. Ka hona, ho boleloa hore ha bohloa bo bokeletse lijo tse ngata bo ka khona ho iphepa ka tsona “ka likhoeli tse fetang tse ’nè bo sa late lijo tse ling kapa metsi ka ntle.”

Mosebetsi oa moqhatsetsi oa morena e ne e le ho etsa’ng?

Nehemia e ne e le moqhatsetsi oa Morena Artaxerxese oa Persia. (Nehemia 1:11) Mabaleng a ntlo ea borena mehleng ea boholo-holo, Bochabela bo Hare, ho ba moqhatsetsi oa morena e ne e se mosebetsi o khelloang tlaase. Ho e-na le hoo, e ne e le mosebetsi oa liofisiri tse boemong bo phahameng. Lingoloa tsa boholo-holo le litšoantšo tse ngata tse bontšang baqhatsetsi ba mehleng eo li etsa hore re fihlele qeto e itseng mabapi le mosebetsi oo Nehemia a neng a o etsa lebaleng la ntlo ea borena Persia.

Moqhatsetsi o ne a latsoa veine ea morena e le ho mo sireletsa haeba e tšetsoe chefo. Kahoo, moqhatsetsi e ne e e-ba motho eo morena a mo tšepang haholo. Setsebi Edwin M. Yamauchi, se re: “Bohlaba-phio bo neng bo jele setsi mehleng eo bo bontša hantle hore ho ne ho hlokahala hore batho ba sebetsang ka lebaleng la borena ’Musong oa Persia e be ba ka tšeptjoang.” Hape e ka ’na eaba moqhatsetsi e ne e le mohlanka ea ratoang ke morena haholo, ea neng a e-na le tšusumetso e khōlō ho eena. Kaha o ne a sebetsa haufi haholo le morena letsatsi le letsatsi e ka ’na eaba ke eena ea neng a etsa qeto ea hore na ke mang ea ka kopanang le morena.

E ka ’na eaba boemo boo ba Nehemia ke bona bo ileng ba etsa hore a atlehe ha a kōpa morena hore a khutlele Jerusalema hore a e’o haha marako. E tlameha ebe Nehemia e ne e le motho oa bohlokoa haholo ho morena. The Anchor Bible Dictionary e re: “Karabo ea morena e bile feela ho re, ‘U tla khutla kapele hakae?’”—Nehemia 2:1-6.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 9]

Setšoantšo se ntlong ea borena ea Persepolise ea Persia

[Setšoantšo se Qanollang]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Moqhatsetsi

Mohlahlami, Khosana Xerxese

Dariuse e Moholo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© The Bridgeman Art Library International