Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho na le Moo Molimo a Qalileng Teng?

Na ho na le Moo Molimo a Qalileng Teng?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na ho na le Moo Molimo a Qalileng Teng?

▪ Bibele e re ha ho moo Molimo a qalileng teng. Haesale Molimo a le teng. Le hoja ho le thata ho utloisisa taba ea hore ha ho moo Molimo a qalileng ebile ha a na bofelo, re ke ke ra hana taba eo feela hobane re sa e utloisise ka botlalo.

Ka sebele ke ntho e utloahalang hore re ke ke ra lebella ho utloisisa lintho tsohle ka Molimo. Moapostola Pauluse o ile a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!” (Baroma 11:33) Likelello tsa rōna li ke ke tsa utloisisa ka botlalo kamoo bohlale le tsebo ea Molimo li tebileng kateng, joalokaha ngoana a ke ke a utloisisa lintho tsohle ka motsoali oa hae. Le hoja mantsoe ana a Pauluse a bululetsoeng a ne a bua ka ho ikhetha ha bohlale ba Molimo le mohau oa hae, a bontša hore ho na le litšobotsi tse ling tsa Jehova Molimo le lintho tse ling tse tebileng hoo likelello tsa rōna li ke keng tsa li utloisisa ka botlalo. Taba ea hore ha ho na moo Molimo a qalileng teng ke e ’ngoe ea tsona. Leha ho le joalo, re ka tšepa ka ho feletseng seo Bibele e se rutang ka Molimo. Jesu Kreste o ile a re mabapi le mangolo a halalelang: “Lentsoe la hao ke ’nete.”—Johanne 17:17.

Moshe o ile a re ha a rapela Jehova: “Haesale u le teng, ’me u tla lula u le teng.” (Pesaleme ea 90:2, The Holy Bible, New Century Version) Mona Moshe o hlalosa boteng ba Molimo mahlakoreng ka bobeli. La pele ke le mabapi le bokamoso. Jehova ke “Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla.” (Tšenolo 4:10) Ka hona, Molimo o tla lula a le teng ho ea ho ile. La bobeli ke le mabapi le nako e fetileng. Ka mantsoe a mang, Molimo ha aa ka a bōptjoa ebile ha ho moo a qalileng teng. Ho e-na le hoo, haesale Molimo a le teng.

Boholo ba rōna re thatafalloa ho utloisisa lintho tseo re sa li boneng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling re sebetsana le lintho tse thata ho utloisiseha, tse kang lipalo tse ka holimo ho noto le tse ka tlaase ho noto. Motho a ka bala lipalo ho ea ho ile, ebang o li bala a ea holimo kapa tlaase. Mohlala ona o ka re thusa ha re nahana ka lilemo-lemo tse ngata tseo ’Mōpi a bileng teng ka tsona.

Kahoo, ke ho loketseng hore ebe ke Molimo feela ea nang le tlotla ea hore ke “Morena oa bosafeleng.” (1 Timothea 1:17) Ak’u nahane feela: Jesu Kreste, limiriade tsa mangeloi a leholimong le moloko oa batho lefatšeng kaofela ba na le moo ba qalileng teng ka lebaka la hore ba bōpiloe. (Bakolose 1:15, 16) Empa ha ho joalo ka Molimo. Haeba motho a tsitlella hore e tlameha ebe Molimo o bōpiloe, seo se hlahisa potso e sa thuseng ka letho le e ke keng ea fela, e leng hore na joale ea bōpileng ’Mōpi eena ke mang. Ke Jehova feela ea bileng teng “ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng.” (Pesaleme ea 90:2, Bibele ea Sesotho) Ka mantsoe a mang Jehova haesale a le teng “nako eohle e fetileng e hlokang qalo.”—Juda 25.

Leha ho le joalo, hopola hore taba ea hore Molimo ha a na qalo kapa qetello hase ntho eo re ka reng ha e-na molemo ho rōna. Ha re nahanisisa ka thapelo ea Moshe re hlokomela hore taba ea hore Molimo ha a na qalo kapa qetello e re fa tšepo ea hore re ka phela ka ho sa feleng. Ho fapana le ho phela ha rōna ka nakoana, Molimo eena o hlalosoa e le “sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele molokong o mong ka mor’a o mong.” Joalokaha Jehova e le Ntate ea lerato o ile a lula a le teng bakeng sa batho ba hae, o lula a le teng ebile o tla lula a le teng. Ao ke mantsoe a tšelisang hakaakang!—Pesaleme ea 90:1.