Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se Akarelletsoang ke ho Tseba Lebitso la Molimo

Se Akarelletsoang ke ho Tseba Lebitso la Molimo

Se Akarelletsoang ke ho Tseba Lebitso la Molimo

NA LEBITSO la hao le na le seo le se bolelang? Libakeng tse ling ho tloaelehile hore ngoana a rehoe lebitso le nang le seo le se bolelang. Lebitso leo batsoali ba le khethang le ka ’na la bontša seo ba se lumelang le melao eo ba e latelang ea boitšoaro, kapa sa bontša tšepo eo ba nang le eona le bokamoso boo ba bo lakaletsang ngoana oa bona.

Ho fa motho lebitso le nang le ntho eo le e bolelang hase ntho e fihlang. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, hangata motho o ne a fuoa lebitso ho latela hore na lebitso leo le bolela’ng. Lebitso le ne le ka bontša hore na ho lebeletsoe hore motho a phethe mosebetsi ofe bophelong. Ka mohlala, ha Jehova a bolella Davida hore na mora oa hae Solomone o ne a tla phetha mosebetsi ofe, O ile a re: “Lebitso la hae e tla ba Solomone [leo motso oa lona eleng “Khotso”], ’me ke tla beha khotso le khutso holim’a Iseraele matsatsing a hae.”—1 Likronike 22:9.

Ka linako tse ling Jehova o ne a fa motho ea tl’o phetha mosebetsi o itseng lebitso le lecha. Mosali oa Abrahama ea neng a se na thari o ile a rehoa Sara, e bolelang “Khosatsana.” Hobane’ng? Jehova o ile a hlalosa a re: “Ke tla mo hlohonolofatsa ’me ke u fe mora ka eena; ke tla mo hlohonolofatsa ’me o tla fetoha lichaba; marena a lichaba a tla tsoa ho eena.” (Genese 17:16) Ka ho hlakileng, ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Sara a ile a fuoa lebitso le lecha ho akarelletsa ho utloisisa hore na mosebetsi o mocha oo a neng a o fuoa e ne e le oa eng.

Joale ho thoe’ng ka lebitso la bohlokoa ka ho fetisisa—Jehova? Le bolela’ng? Ha Moshe a ne a botsa Molimo ka lebitso la Hae, Jehova o ile a re: “Ke tla ba seo ke tla ba sona.” (Exoda 3:14) Bibele ea Rotherham eona e fetolela polelo ena tjena: “Ke Tla Ba eng kapa eng eo ke ratang ho ba eona.” Lebitso Jehova le bontša hore ke Molimo ea phethang mesebetsi e mengata. Mohlala o bonolo ke ona: Ho ka ’na ha hlokahala hore ’mè a etse mesebetsi e mengata letsatsi le leng le le leng ha a hlokomela bana ba hae—e ka ba mooki, moapehi, tichere—ho latela hore na bana ba hloka’ng. Hoa tšoana le ka Jehova, le hoja e le ka tsela e fetang ena hōle. E le hore a phethe merero ea hae e lerato molemong oa batho, e ka ba eng kapa eng eo a ratang ho ba eona, a etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang. Ka hona, ho tseba Jehova ka lebitso lena la hae ho akarelletsa ho utloisisa mesebetsi ea hae e mengata le ho e ananela.

Ka bomalimabe, bokhabane ba botho boo Molimo a nang le bona bo patetsoe batho ba sa mo tsebeng ka lebitso. Leha ho le joalo, ha u ithuta Bibele, u ka utloisisa mesebetsi eo Jehova a e phethang, e kang ea ho ba Moeletsi ea bohlale, Mopholosi ea matla le Mohlokomeli ea seatla se bulehileng, ha re bolela tse seng kae feela. Ntho ea bohlokoa e boleloang ke lebitso lena la Jehova ka sebele ea hlolla.

Leha ho le joalo, ho tseba lebitso la Molimo hase ntho e bonolo kamehla. Sehlooho se latelang se tla tšohla hore na ke hobane’ng.