Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela

O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela

ANNA o ile a iphathahanya ka ho lokisetsa leeto e le hore a se ke a touta. Ena e ne e lokela ho ba nako e monate; e ne e le nako eo monna oa hae, Elkana, a neng a tloaetse ho nka leeto le lelapa la hae kaofela selemo le selemo ho ea rapela tempeleng Shilo. Jehova o ne a lokiselitse hore linako tse joalo e be tse thabisang. (Deuteronoma 16:15) Ha ho pelaelo hore Anna o ne a thabela mekete eo ho tloha ha e sa le ngoana. Empa morao tjena lintho li ne li fetohile.

O ne a hlohonolofalitsoe ka monna ea neng a mo rata. Leha ho le joalo, Elkana o ne a e-na le mosali e mong. Lebitso la hae e ne e le Penina ’me ho bonahala a ne a ikemiselitse ho sulafalletsa Anna bophelo. Penina o ne a bile a fumane mokhoa oa ho utloisa Anna bohloko le nakong ena ea liketsahalo tse khethehileng tsa selemo le selemo. O ne a etsa seo joang? Hona tumelo eo Anna a neng a e-na le eona ho Jehova e ile ea mo thusa joang hore a mamelle bothata boo boo ho neng ho bonahala eka a ke ke a tsoa ho bona? Haeba u na le mathata a entseng hore u sulafalloe ke bophelo, pale ea Anna e ka ’na ea u khothatsa haholo.

“Ke Hobane’ng ha Pelo ea Hao e Utloile Bohloko?”

Bibele e bua ka mathata a mabeli a maholo ao Anna a neng a tobane le ’ona. Ho ne ho e-na le ho fokolang feela hoo a ka ho etsang ka bothata ba pele, athe ba bobeli bona ho hang ho ne ho se seo a ka se etsang ka bona. Taba ea pele ke hore o ne a le lenyalong la sethepu ’me mohalitsong oa hae o ne a mo hloile. Ea bobeli ke hore o ne a se na thari. Bona ke boemo bo bohloko haholo ho mosali leha e le ofe ea batlang ho ba le bana; empa joale, mehleng ea Anna teng, le ho latela setso sa habo, boemo boo bo ne bo baka masisa-pelo a sa mamelleheng le ho feta. Lelapa le leng le le leng le ne le batla ho ba le bana ba tla ntšetsa pele lebitso la lelapa. Ho hloka thari ho ne ho nkoa e le sekhobo le ntho e tlotlollang habohloko.

Mohlomong Anna a ka be a ile a mamella ho hloka ha hae thari hoja Penina o ne a le sieo. Ha ho mohla lintho li kileng tsa tsamaea hantle lenyalong la sethepu. Manyalong a joalo ho ne ho atile litlhōlisano, liqhoebeshano le masisa-pelo feela. Lenyalo la mofuta oo le ne le fapane hōle le lenyalo la mosali a le mong leo Molimo a neng a ile a le theha serapeng sa Edene. * (Genese 2:24) Ka hona, Bibele ha e bue hantle ka lenyalo la sethepu, ’me pale e utloisang bohloko ea se neng se etsahala ka lapeng la Elkana ke mohlala o motle oa hore na ke hobane’ng ha lenyalo la sethepu le ne le se molemo.

Ha e le hantle, Elkana o ne a rata Anna haholo. Ho latela moetlo oa Bajuda, ho bonahala a ile a nyala Anna pele, eaba lilemo hamorao o nyala Penina. Ebang ho bile joalo kapa che, taba ke hore Penina o ne a shoela Anna mōna haholo, kahoo, a fumana litsela tse ngata tsa ho mo hlorisa. Sebetsa se seholo seo Penina a neng a se sebelisa ke hore eena o ne a khona ho ba le bana. O ile a ba le bana ba bangata, ’me nako le nako ha a e-ba le ngoana e mong, seo se ne se mo mathela hloohong. Ho e-na le hore Penina a utloele Anna bohloko ’me a mo tšelise mahlomoleng ao a hae, o ne a sebelisa monyetla oo ho tšela letsoai leqebeng. Bibele e re Penina o ile a tšoenya Anna e le hore feela “a ikutloe a ferekane.” (1 Samuele 1:6) Penina o ne a etsa lintho tseo ka boomo. O ne a batla ho utloisa Anna bohloko ’me o ile a fela a atleha.

Ho bonahala monyetla oo Penina a neng a o sebelisa haholo e ne e le oa ha ho nkoa leeto la selemo le selemo ho ea Shilo. Elkana o ile a fa ngoana e mong le e mong oa Penina—ke hore “bara bohle ba hae le barali ba hae”—likabelo tseo ba neng ba tla etsetsa Jehova sehlabelo ka tsona. Leha ho le joalo, Anna ea se nang bana eena o ile a fumana kabelo ea hae feela. Joale ke hona mona moo Penina a ileng a ikutloa a phahametse Anna, eaba o mo hopotsa hore ke nyopa hoo mosali eo oa batho a ileng a lla a ba a felloa ke takatso ea lijo. Elkana o ile a hlokomela hore moratuoa oa hae Anna o ne a hloname a bile a sa je, eaba o leka ho mo khothatsa. O ile a re ho eena: “Anna, u llela’ng, ke hobane’ng ha u sa je, ’me ke hobane’ng ha pelo ea hao e utloile bohloko? Na ha ke molemo ho uena ho feta bara ba leshome?”—1 Samuele 1:4-8.

Botle ba Elkana ke hore o ne a lemoha hore matšoenyeho a Anna a ne a bakoa ke hore ha a khone ho ba le bana. Ha ho pelaelo hore Anna o ile a ananela tsela eo ka mosa monna oa hae a neng a mo kholisa ka eona hore oa mo rata. * Empa ha ho moo Elkana a ileng a bua ka bokhopo ba Penina, le teng tlaleho ha e bontše hore Anna o ile a bolella monna oa hae ka bona. Mohlomong o ile a lemoha hore ha a ka bolella Elkana ka Penina, bophelo bo ka ’na ba e-ba bosula le ho feta. Na ka sebele Elkana o ne a ka fetola maemo? Na bokhopo ba Penina bo ne bo ke ke ba eketseha le ho feta, mohlomong a be a kopanele Anna le bana ba hae le bahlanka ba hae? Joale Anna o ne a tla ikutloa a hloiloe le ho feta lelapeng leo la hae.

Ebang Elkana o ne a tseba hantle ka bokhopo bo sa utloahaleng ba Penina kapa o ne a sa tsebe, Jehova Molimo eena o ile a bo bona kaofela. Lentsoe la hae le hlalosa pale eo kaofela, ka hona, le fana ka temoso e matla ho mang kapa mang ea nang le mōna oo a nkang hore oa fokola le ea etsang liketso tse khopo. Ka lehlakoreng le leng, ba se nang molato le ba nang le khotso joaloka Anna ba ka tšelisoa ke ho tseba hore Molimo oa toka o lokisa litaba ka nako ea hae le ka tsela ea hae. (Deuteronoma 32:4) Mohlomong Anna le eena o ne a tseba seo kaha o ile a kōpa hore Jehova a mo thuse.

‘Ha aa ka a Hlola a Tšoenyeha’

Ho ne ho phethesela ka tlung lihoreng tsa hoseng. Batho kaofela, ho akarelletsa le bana, ba ne ba itokisetsa ho kena leetong. Lelapa leo le leholo le ne le tla tsamaea lik’hilomithara tse fetang 30 ho ea Shilo, le haola naheng ea Efraime e tletseng meepa. * Leeto leo le ne le ka nka letsatsi kapa a mabeli haeba ho tsamauoa ka maoto. Anna o ne a tseba hore na mohalitsong oa hae o tl’o itšoara joang. Leha ho le joalo, Anna ha aa ka a sala hae. Ka hona, o behetse barapeli ba Molimo mohlala o motle ho fihlela le kajeno. Ke booatla ho lumella boitšoaro bo fosahetseng ba ba bang hore bo re thibele ho sebeletsa Molimo. Haeba re ka etsa joalo, re tla fetoa ke lintho tsa bohlokoahali tse re matlafatsang hore re khone ho mamella.

Qetellong lelapa leo le leholo le ile la bonela Shilo haufi, ka mor’a ho tsamaea nako e telele litseleng tse tsoelipanang lithabeng. Motse oo o ne o le thabaneng e neng e pota-potiloe ke tse ling tse phahameng ho e feta. Ha lelapa le ntse le atamela, e ka ’na eaba Anna o ne a nahana ka thata hore na o tl’o re’ng ha a rapela Jehova. Ha le se le fihlile, le ile la ja hammoho. Anna o ile a siea litho tse ling tsa lelapa hang ha monyetla o hlaha, eaba o leba tabernakeleng ea Jehova. Moprista ea Phahameng Eli, o ne a le moo, a lutse haufi le kosene ea monyako oa tempele. Empa Anna o ne a inahanetse ka Molimo oa hae feela. O ne a kholisehile hore ha a le mona tabernakeleng, o tla utluoa. Haeba ho ne ho se ea utloisisang masisa-pelo a hae ka botlalo, Ntate oa hae ea leholimong eena o ne a tla utloisisa. O ile a tlallana ke bohloko eaba o qala ho lla.

Ha Anna a ntse a lla habohloko hoo ’mele oa hae o neng o thothomela, o ile a bua le Jehova ka pelong. Ha a ntse a tšolla bohloko ba hae joalo ka pelong, o ne a ntse a bebenya molomo. O ile a rapela nako e telele, a tšollela Ntate oa hae matšoenyeho ’ohle a hae. Ha aa ka a rapella feela hore Molimo a mo fe ngoana eo a neng a mo batla ka pelo eohle ea hae. Anna o ne a sa batle ho fumana melemo feela ho Molimo, empa le eena o ne a batla ho fa Molimo seo a ka se khonang. Kahoo, o ile a etsa kano, a re haeba a ka ba le mora, o tla nehelana ka ngoana eo hore a sebeletse Jehova bophelo bohle ba hae.—1 Samuele 1:9-11.

Ka tsela ena, Anna o behetse bahlanka bohle ba Molimo mohlala o motle tabeng ea thapelo. Jehova o khothalletsa batho ka mosa hore ba bue le eena ba lokolohile, ba se ke ba tsilatsila ha ba mo bolella matšoenyeho a bona, ba be joaloka ngoana ea tšepang motsoali oa hae ea lerato. (Pesaleme ea 62:8; 1 Bathesalonika 5:17) Moapostola Petrose o ile a susumetsoa hore a bue mantsoe ana a khothatsang ha a rapela Jehova: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.’—1 Petrose 5:7.

Leha ho le joalo, batho ha ba utloisise ebile ha ba na kutloelo-bohloko e kang ea Jehova. Ha Anna a ntse a lla a bile a rapela, o ile a nyarosoa ke lentsoe la motho ea buang. E ne e le lentsoe la moprista ea phahameng Eli, ea neng a ntse a mo shebile. O ile a re: “U tla itšoara joaloka ea tahiloeng halelele hakae? Tlosa veine ea hao ho uena.” Eli o ne a bone hore Anna o ntse a bebenya molomo, oa lla ebile o shebahala a utloile bohloko. Empa ho e-na le hore a botse hore na molato ke eng, o ile a iketsetsa qeto ea hore o tahiloe.—1 Samuele 1:12-14.

E tlameha ebe Anna o ile a utloa bohloko haholo ha motsotsong oo oa mesarelo, a qosoa ka ntho eo e seng ’nete—le hona a qosoa ke motho ea boemong bo hlomphehang joalo! Leha ho le joalo, o ile a boela a beha mohlala o motle oa motho ea nang le tumelo. Ha aa ka a lumella mefokolo ea motho e mong hore e mo sitise ho rapela Jehova. O ile a arabela Eli ka tlhompho ’me a mo hlalosetsa boemo ba hae. Ka lentsoe leo e ka ’nang eaba le ne le bontša hore o soabile, empa e se e le le thobang maikutlo, Eli o ile a mo araba: “Tsamaea ka khotso, ’me e se eka Molimo oa Iseraele a ka phethahatsa kōpo ea hao e matla eo u e kōpileng ho eena.”—1 Samuele 1:15-17.

Anna o ile a ikutloa joang ka mor’a hore a tšollele pelo ea hae ho Jehova le ho mo rapela moo tabernakeleng? Tlaleho e re: “Mosali eo a tsamaea ’me a ja, ’me sefahleho sa hae ha sea ka sa hlola se tšoenyeha.” (1 Samuele 1:18) Temana ena e baleha tjena ho Bibele—Phetolelo e Ncha: “Sefahleho sa hae sa khanya khotso.” Anna o ile a ikutloa a imolohile. E ne eka o nkile moroalo oa hae o neng o mo imetse maikutlong eaba o o jarisa motho e moholo le ea matla ho mo feta, e leng Ntate oa hae ea leholimong. (Pesaleme ea 55:22) Na ho na le bothata bo ka mo sitang? Che—bo ne bo le sieo mehleng eo, le mehleng ena ha bo eo, ebile ha ho mohla bo tla ke bo be teng!

Ha re ikutloa re imetsoe, re tsielehile, kapa re utloile bohloko haholo, e ka ba hantle hore re latele mohlala oa Anna oa ho bua ka bolokolohi le Eo Bibele e reng ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Haeba re etsa joalo re e-na le tumelo, le rōna re ka fumana hore mesarelo ea rōna e nkeloa sebaka ke “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”—Bafilipi 4:6, 7.

“Ha ho Lefika le Joaloka Molimo oa Rōna”

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Anna o ile a khutlela tabernakeleng a se a e-na le Elkana. E ka ’na eaba o ne a mo phetetse ka kōpo eo a e entseng le ka kano eo a neng a e entse, etsoe Molao oa Moshe o ne o re monna o na le tokelo ea ho hlakola kano eo mosali oa hae a e entseng ntle le eena. (Numere 30:10-15) Empa monna eo ea tšepahalang ha aa ka a etsa joalo. Ho e-na le hoo, eena le Anna ba ile ba rapela Jehova ba le hammoho tabernakeleng pele ba khutlela hae.

Penina o ile a hlokomela neng hore Anna ha a sa utloa bohloko ha a mo khopisa? Tlaleho ha e re bolelle, empa mantsoe a reng ha aa ka ‘a hlola a tšoenyeha’ a fana ka maikutlo a hore ho tloha ka nako eo, Anna o ile a qala ho lula a thabile. Penina o ile a lemoha hore boitšoaro ba hae bo bontšang lehloeo ha bo sa ama Anna le hanyenyane feela. Ka mor’a moo, ha ho sa na moo Bibele e buang ka eena.

Ha likhoeli li ntse li feta, khotso eo Anna a neng a e-na le eona e ile ea fetoha thabo e khōlō. O ile a lemoha hore o imme! Le hoja Anna a ne a thabile hakaalo, ha aa ka a lebala hore na tlhohonolofatso eo e ne e tsoa ho mang. Ha moshanyana oa hae a hlaha, o ile a khetha ho mo reha Samuele, e bolelang “Lebitso la Molimo,” ’me ho hlakile hore le amana le ho ipiletsa lebitsong la Molimo, joalokaha Anna a ile a etsa. Selemong seo, ha aa ka a ea le Elkana le lelapa lohle Shilo. Ka lilemo tse tharo o ile a sala hae le lesea, ho fihlela a le khoesa. Eaba joale o lokisa kelello ea hae bakeng sa letsatsi leo ka lona a tla arohana le mora eo oa hae ea mo ratang haholo.

E tlameha ebe ho ile ha e-ba boima ha ba arohana. Ke ’nete hore Anna o ne a tseba hore Samuele o tla hlokomeloa hantle Shilo, mohlomong ke basali ba bang ba neng ba sebeletsa tabernakeleng. Leha ho le joalo, o ne a ntse a le monyenyane haholo, etsoe ha ho ’mè ea batlang ho arohana le ngoana oa hae. Ho ntse ho le joalo, Anna le Elkana ba ile ba tlisa moshanyana eo ba thabile, ba sa hlonama. Ba ile ba etsa sehlabelo ntlong ea Molimo, eaba ba fa Eli Samuele ’me ba mo hopotsa kano eo Anna a ileng a e etsa moo lilemong tse fetileng.

Ka mor’a moo, Anna o ile a etsa thapelo eo Molimo a ileng a bona e lokela ho kenyelletsoa Lentsoeng la hae le bululetsoeng. Ha u bala mantsoe a hae a tlalehiloeng ho 1 Samuele 2:1-10, u tla lemoha hore polelong e ’ngoe le e ’ngoe ho na le mantsoe a bontšang kamoo tumelo ea hae e neng e tebile kateng. O ile a rorisa Jehova ka tsela eo a sebelisang matla a hae a hlollang ka eona—matla a hae a ke keng a lekanngoa a ho kokobetsa ba ikhohomosang, a ho hlohonolofatsa ba hateletsoeng, a ho timetsa batho kapa esita le hona ho ba pholosa lefung. O ile a rorisa Ntate oa hae ka tsela e ikhethang eo a halalelang ka eona, ka toka ea hae le botšepehi ba hae. Anna o ne a e-na le lebaka le utloahalang la hore a re: “Ha ho lefika le joaloka Molimo oa rōna.” Jehova ke ea ka tšeptjoang ka ho feletseng, ha a fetohe ebile ke setšabelo sa bohle ba khahlapetsoang le ba hatelloang, ba kōpang thuso ho eena.

Ka sebele Samuele e monyenyane o ne a le lehlohonolo ka ho ba le ’mè ea nang le tumelo e matla joalo ho Jehova. Le hoja ha a ntse a hōla a ne a mo hloloheloa, ha ho mohla a ileng a ikutloa a lahliloe. Selemo le selemo Anna o ne a ea Shilo, a mo tlisetsa seaparo se senyenyane se se nang matsoho hore a sebeletse ka sona tabernakeleng. Lerato la hae le ho tsotella mora oa hae li ne li bonahala ka tsela eo a neng a rōka seaparo seo ka makhethe ka eona. (1 Samuele 2:19) Re se re ka inahanela feela ha a apesa moshanyana oa hae seaparo seo, a se batalatsa hantle ha a ntse a mo shebile ka lerato ’me a bua le eena ka mosa, a mo khothatsa. Ruri Samuele o ne a hlohonolofalitsoe ka ho ba le ’mè ea joalo, ’me o ile a hōla eaba le eena e ba tlhohonolofatso ho batsoali ba hae le ho Baiseraele kaofela.

Anna le eena ha aa ka a lebaloa. Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka thari, a tsoalla Elkana bana ba bang ba bahlano. (1 Samuele 2:21) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba tlhohonolofatso e khōlō ea Anna e bile kamano e matla eo a bileng le eona le Ntate oa hae, Jehova, e ileng ea ’na ea matlafala ha lilemo li ntse li feta. E se eka le uena u ka etsahalloa ke se tšoanang ha u ntse u etsisa tumelo ea Anna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Tabeng ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella manyalo a sethepu har’a batho ba hae ka nakoana, sheba sehlooho se reng “Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?,” leqepheng la 30 Molula-Qhooeng oa July 1, 2009.

^ ser. 10 Le hoja tlaleho e re Jehova o ne a ‘koetse pōpelo ea Anna,’ ha ho na bopaki ba hore Molimo o ne a sa rate mosali enoa ea neng a ikokobelitse a bile a tšepahala. (1 Samuele 1:5) Ka linako tse ling Bibele e re liketso tse itseng li entsoe ke Molimo hobane feela a lumeletse hore li etsahale ka nakoana.

^ ser. 13 Bolelele ba leeto bo thehiloe tabeng ea hore motse oo Elkana a neng a lula ho oona e ka ’na eaba e ne e le Rama, e leng sebaka seo mehleng ea Jesu se neng se bitsoa Arimathea.

[Lebokose le leqepheng la 17]

Lithapelo Tse Peli Tse Ikhethang

Lithapelo tse peli tsa Anna tse tlalehiloeng ho 1 Samuele 1:11 le 2:1-10, li na le litšobotsi tse ngata tse ikhethang. Nahana ka tsena tse seng kae feela:

▪ Anna o ile a lebisa thapelo ea hae ea pele ho “Jehova oa mabotho.” Ke motho oa pele ka Bibeleng ea qotsoang a sebelisa tlotla eo. E hlaha ka makhetlo a 285 ka Bibeleng ’me e bua ka taolo eo Molimo a nang le eona ho bara ba hae ba moea ba bangata-ngata.

▪ Hlokomela hore Anna o ile a etsa thapelo ea bobeli ha eena le Elkana ba ne ba fana ka mora oa bona hore a sebeletse Molimo Shilo eseng nakong eo a neng a hlaha. Kahoo thabo eo Anna a bileng le eona e tlisitsoe ke ho hlohonolofatsoa ke Jehova, eseng ke ho soabisa sera sa hae, Penina.

▪ Ha Anna a ne a re, “Lenaka la ka le phahamisitsoe ho Jehova,” e ka ’na eaba o ne a nahanne ka pholo, e leng pelesa e matla e sebelisang manaka a eona ka matla a maholo. Ha e le hantle, Anna o ne a re: ‘Jehova, u etsa hore ke be le matla.’—1 Samuele 2:1.

▪ Seo Anna a se buileng ka “motlotsuoa” oa Molimo se nkoa e le mantsoe a boprofeta. Lentsoe leo le tšoana le le fetoleloang e le “mesia” ’me Anna ke motho oa pele ka Bibeleng ea tlalehoang a sebelisitse lentsoe leo ha a bua ka morena ea tlotsitsoeng oa ka moso.—1 Samuele 2:10.

▪ Hamorao, lilemong tse ka bang 1 000, Maria ’mè oa Jesu, o ile a bua mantsoe a bontšang hore o ne a e-na le boikutlo bo tšoanang le ba Anna ha a rorisa Jehova.—Luka 1:46-55.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Anna o ne a utloisoa bohloko haholo ke taba ea hore ha a na thari ’me Penina o ne a etsa sohle seo a ka se khonang ho etsa hore Anna a ikutloe e le molahloa

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Na u ka etsisa mohlala o motle oa Anna oa ho rapela ka pelo eohle?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Anna ha aa ka a khopeha le hoja Eli a ile a mo nahanela hampe