Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Sheba Litšobotsi Tse Ntle Tsa Batho

O Sheba Litšobotsi Tse Ntle Tsa Batho

Atamela ho Molimo

O Sheba Litšobotsi Tse Ntle Tsa Batho

1 MARENA 14:13

“JEHOVA o phenya lipelo tsohle, ’me o lemoha tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano.” (1 Likronike 28:9) Mantsoe ana a bululetsoeng a ne a reretsoe hore re ananele hore Jehova o amehile ka rōna ka botebo. Jehova o sheba litšobotsi tse ntle ho rōna le hoja re sa phethahala. Sena se bonahala ka ho hlaka mantsoeng a hae a mabapi le Abija, a fumanehang ho 1 Marena 14:13.

Ba lelapa la habo Abija e ne e le batho ba khopo. Ntate oa hae, Jeroboame, e ne e le hlooho ea leloko la borena la bakoenehi. * Jehova o ne a rerile ho fiela ba ntlo ea Jeroboame ka ho feletseng feela “joalokaha motho a tlosa bolokoe.” (1 Marena 14:10) Empa Molimo o ile a laela hore setho se le seng feela sa lelapa la Jeroboame, e leng Abija—ea neng a kula haholo—a patoe ka tsela e hlomphehang. * Hobane’ng? Molimo o ile a re: “Ho hong ho molemo ho Jehova Molimo oa Iseraele ho fumanoe ho eena ka tlung ea Jeroboame.” (1 Marena 14:1, 12, 13) Mantsoe aa a re bolella’ng ka Abija?

Bibele ha e re Abija e ne e le morapeli oa Molimo ea tšepahalang. Leha ho le joalo, o ne a e-na le litšobotsi tse itseng tse ntle. Litšobotsi tseo tse ntle li ne li leba “ho Jehova,” mohlomong li amana le borapeli ba Hae. Bangoli ba bo-rabi ba re e ka ’na eaba Abija o ile a etela tempele e Jerusalema kapa e ka ’na eaba o ile a tlosa balebeli bao ntate oa hae a neng a ba behile ho thibela Baiseraele ho ea Jerusalema.

Ho sa tsotellehe hore na Abija o ne a entse’ng, taba ke hore tšobotsi eo ea hae e ntle e ne e le ea bohlokoa. Ntlha ea pele ke hore, e ne e se ea boikaketsi. Tšobotsi ena e ntle e ne e le “ho eena”—e leng ka pelong ea hae. Ntlha ea bobeli ke hore, e ne e ikhetha. Abija o ile a bonahatsa tšobotsi ena e ntle le hoja a ne a le “ka tlung ea Jeroboame.” Setsebi se seng se re: “Ke ntho e babatsehang ha batho ba lula ba e-na le litšobotsi tse ntle le hoja ba lula lelapeng kapa sebakeng se nang le tšusumetso e mpe.” Se seng se re tšobotsi e ntle ea Abija e ne e “totobetse . . . , joalokaha khanya ea linaleli e totobala bosiu, le joalokaha botle ba lifate tsa kedare bo totobala ha li le har’a lifate tse ling tse hlohlorehileng makhasi.”

Taba ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore mantsoe a ho 1 Marena 14:13 a re ruta ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka Jehova le seo a se shebang ho rōna. Hopola hore “ho fumanoe” ntho e itseng e ntle ho Abija. Ho bonahala Jehova a ile a batlisisa pelong ea Abija ho fihlela A fumane tšobotsinyana e itseng e ntle ho eena. Ha Abija a bapisoa le ba lelapa labo, o ne a tšoana le seo setsibi se seng se reng ke perela e le ’ngoe “ka har’a qubuhali ea majoe.” Jehova o ile a nka tšobotsi eo e ntle e le ea bohlokoa eaba o putsa motho enoa a le mong ka har’a lelapa leo le khopo ka ho mo bontša mohau.

Ka sebele hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o sheba litšobotsi tse ntle ho rōna ebile oa li ananela ho sa tsotellehe hore ebe ha rea phethahala. (Pesaleme ea 130:3) Ho tseba sena ho etsa hore re atamele haholoanyane ho Jehova, Molimo ea hlahlobang ka hloko lipelo tsa rōna a batla leha e le tšobotsinyana e itseng e ntle ho rōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Jeroboame o ne a entse molimo oa setšoantšo oa namane ’musong o ka leboea oa Iseraele oa meloko e leshome e le ho thibela batho hore ba se ke ba ea Jerusalema ho ea rapela Jehova tempeleng.

^ ser. 5 Mehleng ea Bibele, ha motho a ne a sa patoe ka tsela e hlomphehang seo se ne se bontša hore Molimo ha a mo amohele.—Jeremia 25:32, 33.